Yaba Abrahama o tsoha ka meso, a nka bohobe le sehwana sa metsi, a di nea Agare, a mo jarisa tsona lehetleng, a mo nea le ngwana, mme a mo fa tsela. A tloha a ya phaila lefeelleng la Beerseba.
1 Samuele 15:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Samuele a tsohela hosasa ho ya kopana le Saule; Samuele a tsebiswa, ha thwe: Saule o ile Karmele; bona, o ikemiseditse seemahale sa kgopotso, a ntoo tloha, a feta, a theohela Gilgale. BIBELE Samuele a tsoha e sa le ka madungwadungwana, ho ya kopana le Saule. Samuele a bolellwa, ha thwe: “Saule o fihlile Karamele, mme o ntse a iketsetsa sefika hona teng. O se a bile a kgutlile, a theohetse Gilegale.” |
Yaba Abrahama o tsoha ka meso, a nka bohobe le sehwana sa metsi, a di nea Agare, a mo jarisa tsona lehetleng, a mo nea le ngwana, mme a mo fa tsela. A tloha a ya phaila lefeelleng la Beerseba.
Absalome, ha a sa phela, o ne a nkile seemahale, a itlhometse sona sekgutlong sa morena ka ho re: Ha ke na mora ya tla hopotsa batho lebitso la ka. Le kajeno lena, se ntse se bitswa seemahale sa Absalome.
Akabe a nyoloha ho ja le ho nwa, Elia yena a hlwella hodima Karmele; a inama fatshe, a bea sefahleho sa hae pakeng tsa mangole a hae.
Hape, a haha ditora lefeelleng, mme a tjheka didiba tse ngata, estwe a ne a ruile makgomo a mangata a fulang dithoteng le masabasabeng, a ruile le balemi ba dikoro le ba merara dithabeng le Karmele, hobane a ne a rata masimo haholo.
ka re: Bafilesta ba se ba ya theoha ho ntwantsha Gilgale, mme ha ke eso ho bee thapelo ho Jehova; ke ikgothaditse ke hona, mme ka etsetsa Jehova setjheso.
Yaba Samuele o a ema, a tloha Gilgale, a ya Gibea wa Benjamine. Saule yena a bala setjhaba se fumanweng se sa setse ho yena, ya batla e eba batho ba makgolo a tsheletseng.
Ha ho le jwalo, Davida a tsohela e sa le hosasa, a siya dinku le modisa, mme a tloha, a ya le seo Jese a mo laetseng sona, a ba a fihla moo diahelo di leng teng, ha makgotla a tswela ho itokisa, mme ho hlabelwa ntwa mokgosi.
Moo Maone, ha bo ho le monna, eo mehlape ya hae e leng Karmele; e ne e le motho ya ruileng haholo, a ena le dikete tse hlano tsa dinku, le sekete se le seng sa dipodi; o ne a ile ho kuta dinku tsa hae Karmele.
Samuele a nka lejwe, a le emisa pakeng tsa Mitspe le Shene, a le rea lebitso la Eben-Esere (lejwe la thuso), a re: Jehova o re thusitse ho fihlela mona.