Bahlanka ba morerena ba re ho morena: Ke rona bana bahlanka ba hao, re tla etsa kahohle kamoo morena a ka ratang kateng.
1 Samuele 14:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mojari wa dibetsa, a re: Etsa kahohle kamoo o ratang kateng; tsamaya feela, ke nna enwa, ke na le wena kahohle kamoo o ratang kateng. BIBELE Mojari wa dihlomo tsa hae a re ho yena: “Etsa seo o ratang ho se etsa. Tswele pele; seo o se ratang, le nna ke a se rata.” |
Bahlanka ba morerena ba re ho morena: Ke rona bana bahlanka ba hao, re tla etsa kahohle kamoo morena a ka ratang kateng.
Nathane a re ho morena: Eya, o etse tsohle tse pelong ya hao, etswe Jehova a le ho wena.
Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Tshiung tseo, banna ba leshome ba dipuo tsohle tsa ditjhaba ba tla itshwarella ka moseho wa kobo ya monna wa Mojuda, ba re: Re tla ya le lona, hobane re utlwile hoba Jehova o na le lona.
Abimeleke, a phakisa a bitsa mohlankana ya jereng dibetsa tsa hae, a re ho yena: Pshemola sabole ya hao, o mpolaye, esere mohlomong batho ba re: O bolailwe ke mosadi. Mohlankana a mo hlaba, a shwa.
Jwale, ha o hlahelwa ke dipontsho tseo, o tle o etse kamoo o tla iphihlela ho le kateng, etswe Modimo o na le wena.
Jonathane a re ho mohlankana ya jereng dibetsa tsa hae: A re ye, re tshelele ho ya qhobosheaneng ya maqai ano; mohlomong Jehova a ka re thusa; hobane ha ho kamoo Jehova a ka sitwang kateng, ho pholosa ka ba bangata, leha e le ka ba seng bakae.