1 Samuele 14:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ntlha ya le leng e ne e tadimile leboya, malokana le Mikmashe, ya la bobedi e ne e tadimile borwa, malokana le Gibea. BIBELE Lefaru le leng le ne le le ka leboya, le tobane le Mikemase, le leng le le ka borwa, le tobane le Geba. |
O se a fetile ka lekgalo; bosiu o bo hlola Geba; ba Rama ba tshohile, ba Gibea-Saule ba balehile.
Samuele a re: O entseng? Saule a re: Eitse ha ke bona setjhaba se nqhalanela, le wena o sa hlahe ka ditshiu tse beilweng, le Bafilesta ba se ba phuthehile Mikmashe,
Saule a ikgethela kete tse tharo tsa Baiseraele; kete tse pedi tsa dula ho Saule, Mikmashe, le thabeng ya Bethele, se seng sa dula ho Jonathane, Gibea wa Benjamine; haele ba setseng ba setjhaba, a ba kgutlisetsa e mong le e mong tenteng ya hae.
Jonathane a qhala ba qhobosheaneng ya Bafilesta, e leng Gibea, mme Bafilesta ba utlwa. Ebile Saule o letsa terompeta naheng yohle, a re: Baheberu ba utlwe!
Tsatsing leo, ba bolaya Bafilesta ho tloha Mikmashe, ho ya fihla Ajalone, empa setjhaba se ne se kgathetse haholo.
Dipakeng tsa makgalo ao Jonathane a tla leka ho tshelela ho ya qhobosheaneng ya Bafilesta, ka kwano lefika le ne le le teng, le ka nqane lefika le ne le le teng, lebitso la le leng e le Botsetse, lebitso la la bobedi e le Sene.
Jonathane a re ho mohlankana ya jereng dibetsa tsa hae: A re ye, re tshelele ho ya qhobosheaneng ya maqai ano; mohlomong Jehova a ka re thusa; hobane ha ho kamoo Jehova a ka sitwang kateng, ho pholosa ka ba bangata, leha e le ka ba seng bakae.