La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




1 Samuele 14:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Jwale, banna ba qhobosheaneng ba re ho Jonathane le ho lehlahana la hae: Hlwellang ho rona, mme re tla le tsebisa taba. Ebile Jonathane o re ho lehlahana la hae: Hlwa o ntshale morao, hobane Jehova o ba neetse matsohong a Baiseraele.

Ver Capítulo

BIBELE

Banna ba laletseng ba bitsa Jonathane le mojari wa dihlomo tsa hae, ba re: “Nyolohelang ho rona mona, mme re tla le ruta pula!” Jonathane a re ho mojari wa dihlomo tsa hae: “Nyoloha, o ntatele, hobane Morena o neelane ka bona matsohong a Baiseraele.”

Ver Capítulo



1 Samuele 14:12
13 Referencias Cruzadas  

Mme kajeno, ha ke fihla sedibeng, ka re: Jehova, Modimo wa mong a ka Abrahama, ha o ka fela wa ithatela ho atlisa tsela ya ka eo ke tsamayang ho yona,


Ka inama, ka kgumamela Jehova; ka boka Jehova, Modimo wa mong a ka Abrahama, ya ntsamaisitseng ka tsela e lokileng, ke tle ke nkele mora mong a ka moradi wa banababo.


Etlere ha o utlwa modumo wa diqi dintlheng tsa difate tsa monokotswai, o ke o ba nehelle; hobane etlaba Jehova o se a o eteletse pele, ho ya qhala makgotla a Bafilesta.


Kamora tseo, Amatsia a romela manqosa ho Joase, mora Joakase, mora Jehu, morena wa Iseraele, a re: Tloo, re ke re tadimane difahleho.


Debora a re ho Barake: Raoha, hobane ke lona letsatsi leo Jehova a tla neela Sisera matsohong a hao! Ha ka re, Jehova o o eteletse pele na? Kahoo, Barake a theoha thabeng ya Thabore, a setswe morao ke banna ba kete tse leshome.


Molekane wa hae a araba, a re: Toro eo ha e bolele letho, haese sabole ya Gideone, mora Joase, monna wa Iseraele. Modimo o neetse Bamidiane le diahelo tsohle matsohong a hae.


Eitse hobane Gideone a utlwe taba tsa toro le hlalosetso ya yona, a inama, a ntoo kgutlela diahelong tsa Baiseraele, a re: Emang, hobane Jehova o neetse diahelo tsa Bamidiane matsohong a lona.


Abimeleke, a phakisa a bitsa mohlankana ya jereng dibetsa tsa hae, a re ho yena: Pshemola sabole ya hao, o mpolaye, esere mohlomong batho ba re: O bolailwe ke mosadi. Mohlankana a mo hlaba, a shwa.


Ha ba ka re, re hlwelle ho bona, teng re tla hlwa, hobane etlaba Jehova o ba neetse matsohong a rona: hona e tla ba pontsho ho rona.


Jonathane a nyoloha a kgasa ka maoto le ka matsoho, lehlahana la hae le mo setse morao, mme Bafilesta ba wa pela Jonathane, mme lehlahana la hae la ba bolaya le le kamora hae.