Se tshepeng molekane, se ithetseng ka motswalle; lebela menyako ya molomo wa hao pela ya robetseng sefubeng sa hao;
1 Samuele 14:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka tsatsi le leng, Jonathane, mora Saule, a re ho mohlankana ya jereng dibetsa tsa hae: A re ye, re fetele ho ba qhobosheaneng ya Bafilesta, e leng mose wane, maloka le mona. A mpa a se ke a tsebisa ntatae. BIBELE Ka letsatsi le leng Jonathane, mora wa Saule, a re ho mohlankana ya jarang dihlomo tsa hae: “Tloo, re tshelele ho bahlabani ba Bafilesita ba laletseng, ba kamose wane.” Empa a se ke a tsebisa ntatae. |
Se tshepeng molekane, se ithetseng ka motswalle; lebela menyako ya molomo wa hao pela ya robetseng sefubeng sa hao;
Yaba moya wa Jehova o a mo tlela ka matla; a harola tau, jwalokaha ho harolwa potsanyane, a sa tshwara letho matsohong a hae; empa a se ke a tsebisa ntatae le mmae seo a se entseng.
A nka mafura diatleng tsa hae, mme a tloha, a tsamaya a ntse a eja; eitse ha a fihla ho ntatae le mmae, a ba fa, mme le bona ba eja; a mpa a se ke a ba tsebisa hobane o nkile mafura a dinotshi sefifing sa tau.
Yaba Gideone o nka batho ba leshome ba bahlanka ba hae, a etsa kamoo Jehova a mmoleletseng kateng; mme kahobane a ne a tshaba ba ntlo ya ntatae, le batho ba motse, a etsa bosiu, e seng motshehare.
Saule a ikgethela kete tse tharo tsa Baiseraele; kete tse pedi tsa dula ho Saule, Mikmashe, le thabeng ya Bethele, se seng sa dula ho Jonathane, Gibea wa Benjamine; haele ba setseng ba setjhaba, a ba kgutlisetsa e mong le e mong tenteng ya hae.
Ha ho le jwalo, tsatsing la ntwa, ha ho a ka ha fumanwa sabole leha e le lerumo matsohong a setjhaba kaofela se dutseng ho Saule le Jonathane, tsa fumanwa ho Saule le ho Jonathane, mora hae, feela.
Haele Saule, o ne a ntse a dutse pheletsong ya Gibea, tlasa sefate sa garanata, se leng Migrone, setjhaba se dutseng ho yena e batla e le batho ba makgolo a tsheletseng.
A re ho bahlanka ba hae: Fetelang pele, nna ke se ke le sala morao. Empa a se ke a tsebisa monna wa hae Nabale.