Ha ho le jwalo, morena a kgutla, a ba a fihla Jordane; le Bajuda ba fihla Gilgale, ho tla kgahlanyetsa morena le ho mo tshedisa Jordane.
1 Samuele 11:14 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Samuele o re ho setjhaba: Tloong, re yeng Gilgale, re boeleng re tiise borena hona teng. BIBELE Yaba Samuele o re ho setjhaba: “Tloong, re yeng Gilegale, re yo phatlalatsa hape hore Saule ke kgosi.” |
Ha ho le jwalo, morena a kgutla, a ba a fihla Jordane; le Bajuda ba fihla Gilgale, ho tla kgahlanyetsa morena le ho mo tshedisa Jordane.
Le se ke la batla Bethele, le se ke la ya Gilgale, le se ke la fetela Beerseba; hobane Gilgale o tla iswa kgolehong, Bethele a etswe lefeela.
O tla nketella pele ho ya Gilgale, hobane ke tla theohela ho wena teng, ke tle ke hlabe mahlabelo a ditjheso le a diteboho. O ke o ntebelle tshiu tse supileng, ke be ke fihle ho wena, ke o tsebise seo o tla se etsa.
Ebile Samuele o re ho Baiseraele bohle: Le ka bona hobane ke mametse mantswe a lona kahohle kamoo le mpoleletseng kateng, ka ba ka le beela morena.
Empa ba Ashdode ha ba tsoha hosasa, ba bona Dagone a wetse fatshe ka sefahleho pela areka ya Jehova. Yaba ba nka Dagone, ba mmusetsa tulong tsa hae.
Ka selemo se seng le se seng, o ne a ya le metse ho isa Bethele, le Gilgale, le Mitspe, a ahlolela Baiseraele metseng eo kaofela.