Jwale, Jehojada a hlaba selekane mahareng a Jehova le morena le setjhaba, hore e fele e be setjhaba sa Jehova, le selekane mahareng a morena le setjhaba.
1 Samuele 10:25 - Sesotho 1909/1961 (SO) Samuele a tsebisa setjhaba mekgwa ya borena, a e ngola bukeng, a e bea pela Jehova. Ebile Samuele o kgutlisa setjhaba kaofela, a re: E mong le e mong a ye ha hae. BIBELE Samuele a hlalosetsa setjhaba ditokelo tsa kgosi, le mesebetsi ya yona, mme tsena tsohle a di ngola bukeng, a e bea kapele ho Morena. Samuele a qhala setjhaba sohle, motho e mong le e mong a ikela ha hae. |
Jwale, Jehojada a hlaba selekane mahareng a Jehova le morena le setjhaba, hore e fele e be setjhaba sa Jehova, le selekane mahareng a morena le setjhaba.
Nkang buka ena ya molao, mme le e bee haufi le areka ya selekane sa Jehova, Modimo wa lona, e tle e be paki ho wena hona teng.
le marena, le bohle ba boholong, hore re tle re iphelele kgotsong le boiketlong ka borapedi bohle le ka bokgabane.
O ba hopotse ho utlwa dihlooho le marena, ho ya ka melao, ho lokela mesebetsi yohle e metle;
Yaba Samuele o re ho setjhaba: Tloong, re yeng Gilgale, re boeleng re tiise borena hona teng.
Jwale, mamela mantswe a bona; leha ho le jwalo, o ba nyatse, o ba tsebise mokgwa wa morena ya tla busa hodima bona.