ba tla tseba hoba ke Jehova, Modimo wa bona, ya ba ntshitseng lefatsheng la Egepeta, hore ke tle ke ahe hara bona: Ke nna Jehova, Modimo wa bona.
1 Samuele 10:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) A re ho bana ba Iseraele: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ke ne ke nyolle Baiseraele Egepeta, ka ba ka le namolela matsohong a Baegepeta le matsohong a marena wohle a nnileng a le hlorisa. BIBELE A re ho bana ba Iseraele: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Ke nyolotse Baiseraele Egepeta, ka ba namolela, matsohong a Baegepeta, le matsohong a mebuso yohle e neng e le hateletse.’ |
ba tla tseba hoba ke Jehova, Modimo wa bona, ya ba ntshitseng lefatsheng la Egepeta, hore ke tle ke ahe hara bona: Ke nna Jehova, Modimo wa bona.
Etlare ha le eya ntweng fatsheng la lona, le ya lwantsha dira tse le qalang, le tla letsa diterompeta haholo, mme le tla hopolwa pela Jehova, Modimo wa lona, mme le tla namolelwa matsohong a dira tsa lona.
Yaba lengeloi la Jehova le tloha Gilgale, la nyolohela Bokime, la re: Ke ne ke itse, ke tla le nyolla Egepeta, ke tle ke le tlise lefatsheng leo ke anneng hore ke tla le nea bontata lona; mme ke ne ke itse: Ha nka ke ka roba selekane sa ka seo ke se entseng le lona le ka mohla o le mong.
Ya na ya re hobane Jakobo a fihle Egepeta, bontata lona ba ile ba hoeletsa ho Jehova, mme Jehova a roma Moshe le Aarone, ba ntsha bontata lona Egepeta, mme ba ba ahisa fatsheng lena.