Ngwana a hola, a ba a kgwiswa; mme Abrahama a etsa mokete o moholo ka letsatsi leo Isaaka a kgwiswang ka lona.
1 Samuele 1:24 - Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse hobane a qete ho mo kgwesa, ba ya le yena ka kgomo tse tharo, le efa e nngwe ya phofo, le lekuka la veine, mme a mo tlisa tlung ya Jehova, Silo, ngwana a sa le monyenyane. BIBELE Ha Anna a se a kgwesitse Samuele, a nyoloha le yena a kganna dipohwana tse tharo, a nkile phofo e thumisehileng, e boima ba dikilo tse leshome, le lekuka la veine, a mo isa ka tlung ya Morena e Shilo. Moshanyana eo o ne a sa le monyenyane. |
Ngwana a hola, a ba a kgwiswa; mme Abrahama a etsa mokete o moholo ka letsatsi leo Isaaka a kgwiswang ka lona.
Ngwanabo Thahepenese a mo tswalla moshemane Genubathe, eo Thahepenese a mo kgwisitseng tlung ya Faro; Genubathe a phela hara bara ba Faro, tlung ya Faro.
A ba bolella setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwana le ditomoso tseo mosadi a di nkileng, a di kenya phofong e tekanyo tse tharo, hlama e tle e kokomohe kaofela.
Nqalo e tla ba teng eo Jehova, Modimo wa lona, a tla e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona; ke moo le tla tlisa ntho tsohle tseo ke le laelang tsona, ditjheso tsa lona, le mahlabelo a lona, le karolo ya leshome ya dintho tsa lona, le dikabelo tse ntshwang ke matsoho a lona, le tsohle tse kegthilweng tsa dikano tsa lona, tseo le di baletseng Jehova.
Hararo ka selemo, ba batona bohle ba heno ba tla itlhahisa pela Jehova, Modimo wa hao, nqalong eo a tla e kgetha, mohla mokete wa mahobe a sa lomoswang, le mohla mokete wa Diveke, le mohla mokete wa Metlotlwane: ba se ke ba itlhahisa pela Jehova ba le feela;
Yaba phutheho yohle ya bana ba Iseraele e bokana Silo, ya hloma tente ya pokano teng; ke ha lefatshe le se le hapilwe ke bona.