Bahlanka ba hae ba mmolella, ba re: Morena, monga rona, ha e batlelwe morwetsana, a tle, a eme pela morena, a mmoloke; a robale sefubeng sa hao, hore morena, monga rona, a ke a futhumale.
1 Marena 1:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ba batla jwalo morwetsana e motle naheng yohle ya Iseraele, ba fumana Abishage wa Shuneme, mme ba mo tlisa ho morena. BIBELE Yaba ba batla morwetsana e motle ho feta bohle naheng ya Iseraele; ba fumana Abishake wa Moshuneme, mme ba mo isa ho kgosi. |
Bahlanka ba hae ba mmolella, ba re: Morena, monga rona, ha e batlelwe morwetsana, a tle, a eme pela morena, a mmoloke; a robale sefubeng sa hao, hore morena, monga rona, a ke a futhumale.
Morwetsana eo o ne a le motle haholo. A boloka morena, a mo sebeletsa; empa morena a se ke a mo tseba.
Mohlomong, Elisha a ya le Shuneme; ha bo ho le mosadi wa mofumahadi teng, a mo phehella ho ja bohobe. Enere ha a ntse a feta le teng, o ne a fapohela ha hae ho ja bohobe.
Yaba bahlanka ba sebeletsang morena, ba re: Morena a ke a batlelwe barwetsana ba batle ba dikgarebe;
ba fuwe ke yena ditlolo tsa bona; jwale, morwetsana ya tla kgahla morena, a ke a bewe mofumahadi tulong tsa Vashti. Taba eo ya kgahlisa morena, mme a etsa jwalo.
Jwale, Bafilesta ba phutheha, ba tla, ba emisa Shuneme; le Saule a mema Baiseraele bohle, mme ba tla, ba emisa Gilboa.