mme ba robala dikobong tse nketsweng molato pela dialetare tsohle, ba nwa veine ya ditefo tsa bona tlung ya Modimo wa bona ...
1 Bakorinthe 8:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane ekare ha e mong a o bona, wena ya nang le tsebo, o dutse ho ja tempeleng ya ditshwantsho, na letswalo la ya fokolang le ke ke la kgothatswa ke hona hore a tle a je tse hlabetsweng ditshwantsho na? BIBELE Ha ya tumelo e fokolang a bona wena, ya nang le tsebo, o le dijong ka tempeleng ya modimo wa bohata, na hoo ho ke ke ha mo kgothaletsa ho ja tse hlabetsweng medimo ya bohata na? Baasraak Sotho NT Hobane ekare ha motho a ka o bona wena ya nang le tsebo, o dutse ka tlung ya tempele ya ditshwantsho, na letswalo la ya fokolang le ke ke la tiiswa ho ja tse hlabetsweng medimo ya bohata na? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane ekare ha motho a ka o bona wena ya nang le tsebo, o dutse ka tlung ya tempele ya ditshwantsho, na letswalo la ya fokolang le ke ke la tiiswa ho ja tse hlabetsweng medimo ya bohata na? |
mme ba robala dikobong tse nketsweng molato pela dialetare tsohle, ba nwa veine ya ditefo tsa bona tlung ya Modimo wa bona ...
Ba biletsa setjhaba mahlabelong a medimo ya bona; setjhaba sa eja, mme sa kgumamela medimo ya bona.
ba mpe ba ngollwe hore ba tele ditshila tsa medimo, le bofebe le tse fenethilweng, le madi.
Ke a tseba, ke bile ke kgolwa ke le ka ho Morena Jesu, hobane ha ho ntho e ka bang mpe, ka bobe boo e leng ba yona; empa motho ekare ha a dumela hobane ntho e mpe, e tla ba mpe ho yena.
Empa ya belaelang, ha a eja, o tsuong, kahobane ha a je ka tumelo; mme se seng le se seng se sa etsweng ka tumelo ke sebe.
Jwale, ha e le ka ho ja dijo tse halbetsweng ditshwantsho, re a tseba hore setshwantsho hase letho lefatsheng, le hore ha ho Modimo o mong, haese o le mong feela.
Empa tsebo ha e ho bohle; hobane ba bang le jwale ba sa ntse ba eja dintho tse hlabetsweng ditshwantsho ke letswalo la hore setshwantsho ekaba se na le taba, mme letswalo la bona le fokolang le ditshila ke hona.
Ba tswela naheng, ba kotula masimo a bona a merara, ba hata ditholwana tsa yona, ba etsa dinyehelo; ba kena tlung ya modimo wa bona, ba eja, ba enwa, mme ba rohaka Abimeleke.