Jwale, haele ka taba tseo le nngoletseng tsona, nka re: Ho ka ba molemo ho monna ha a sa ame mosadi.
1 Bakorinthe 7:40 - Sesotho 1909/1961 (SO) Leha ho le jwalo, molomo wa ka, ke re: Ha a ka itulela feela, a ka iketla ka ho fetisisa: mme ke lekanya hoba le nna ke na le Moya wa Modimo. BIBELE Feela, ho ya ka nna, a ka ba lehlohonolo haholo ha a ka itulela a sa nyalwa. Ke a kgolwa hore le nna ke na le Moya wa Modimo. Baasraak Sotho NT Empa o tla thaba haholo ha a ka dula jwalo, ho ya ka pono ya ka, mme ke lekanya hore le nna ke na le Moya wa Modimo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa o tla thaba haholo ha a ka dula jwalo, ho ya ka pono ya ka, mme ke lekanya hore le nna ke na le Moya wa Modimo. |
Jwale, haele ka taba tseo le nngoletseng tsona, nka re: Ho ka ba molemo ho monna ha a sa ame mosadi.
Ke rialo ka ho lekanya se ka bang molemo ho lona, e seng ho le tjheha ka leraba; e le hore le mpe le etse ka hlokomelo, mme le sebeletse Morena le sa horeletswe ke letho.
Haele masoha le basadi ba bahlolohadi, ke re ho bona: Ho ka ba molemo ho bona ho dula jwaloka nna.
Ha ke ithorisitse, ke fetohile lewatla, ke lona le ntshusumeleditseng teng; hobane ke ne ke tshwanelwa ke ho emelwa ke lona, hobane ha ke a ka ka fetiswa ka letho, leha le le leng, ke baapostola ba fetisang ka boholo, leha ke se eng.
haele moo le batla pontsho e le kgodisang hore Kreste o bua ka nna, athe yena ha a le fokolla, empa o matla hara lona.
Ke le nea keletso tabeng eo; efela lona e le tshwanetse, hobane esale ngwahola le rakile bohle ka ho etsa le ka ho rata.
Ka baka leo, ya nyatsang tseo, ha a nyatse motho, empa o nyatsa Modimo, o kentseng le Moya wa wona o Halaleleng ka ho lona.