1 Bakorinthe 7:26 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka baka leo, ke lekanya hore ho ka ba molemo ho motho ho itulela jwalokaha a dutse, ka baka la tsietsi ya mehla ena. BIBELE Ka baka la ditsietsi tsa matsatsi ana, ke lekanya hore ho ka ba molemo ha motho a itulela a le jwalo. Baasraak Sotho NT Ka baka leo, ke lekanya hoba hoo ho molemo bakeng sa tsietsi ya jwale, ke re, ho hotle ho motho ha a ntse a le jwalo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka baka leo, ke lekanya hoba hoo ho molemo bakeng sa tsietsi ya jwale, ke re, ho hotle ho motho ha a ntse a le jwalo. |
Empa ho tla ba madimabe baimana le ba anyesang mehleng eo, hobane tsietsi e tla ba kgolo lefatsheng, mme bohale bo tla wela setjhaba sena.
Jwale, haele ka taba tseo le nngoletseng tsona, nka re: Ho ka ba molemo ho monna ha a sa ame mosadi.
Ha o tlameletswe ho mosadi, o se ke wa batla tokoloho. Ha o sa ka wa tlamellwa ho mosadi, o se ke wa batla mosadi.
Empa ekare ha o nyala, ha o etse sebe; le morwetsana ha a nyalwa, ha a etse sebe; empa ba jwalo ba tla ba le matshwenyeho nameng, mme nna ke a le qenehela.
Haele masoha le basadi ba bahlolohadi, ke re ho bona: Ho ka ba molemo ho bona ho dula jwaloka nna.
Le se ke la phaka la sisinyeha pelong tsa lona, leha e le ho tshoha ke moya, mohlomong ke polelo, kapa ke lengolo leo ho thweng, le tswa ho rona, le ka reng: Letsatsi la Kreste le haufi.
Hobane nako ena ke eo kahlolo ya Modimo e tshwanetseng ho qala ka ntlo ya Modimo; mme ha e qala ka rona, bofelo ba ba sa dumeleng Evangeli ya Modimo e tla ba eng?