Wa fedisa bahlankana ba bona ka mollo, mme barwetsana ba bona ha ba ka ba etsetswa mekete ya manyalo.
1 Bakorinthe 7:25 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale, haele ka taba ya barwetsana, teng ha ke na molao wa Morena; ke mpa ke hlahisa molomo wa ka, kamoo ke leng motho ya hauhetsweng ke Morena kateng, hore ke tshepehe. BIBELE Tabeng ya barwetsana, ha ke na taelo ya Morena, ke mpa ke fana ka keletso, ke le ya tshepahalang ka mohau wa Morena. Baasraak Sotho NT Jwale malebana le barwetsana, ha ke na taelo ya Morena, empa ke fana ka maikutlo a ka, ke le ya hauhetsweng ke Morena hore ke tshepehe. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwale malebana le barwetsana, ha ke na taelo ya Morena, empa ke fana ka maikutlo a ka, ke le ya hauhetsweng ke Morena hore ke tshepehe. |
Wa fedisa bahlankana ba bona ka mollo, mme barwetsana ba bona ha ba ka ba etsetswa mekete ya manyalo.
Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona; mme mohau wa wona ho nna ha o a ka wa eba lefeela; empa, ke ba fetisitse bohle hole ka ho sebetsa; empa e seng nna, e leng mohau wa Modimo o ho nna.
Haele ba bang, ke a ba bolella, nna, e seng Morena, ke re: Moena e mong, ekare ha a ena le mosadi ya sa dumelang, a se ke a mo hlala, ha mosadi a ratile ho dula le yena.
Empa ekare ha o nyala, ha o etse sebe; le morwetsana ha a nyalwa, ha a etse sebe; empa ba jwalo ba tla ba le matshwenyeho nameng, mme nna ke a le qenehela.
Mosadi ya nyetsweng le morwetsana ha ba tshwane. Ya sa nyalwang o hlokomela tsa Morena, a tle a halalele mmeleng le moyeng; empa ya nyetsweng o hlokomela tsa lefatshe lena, le kamoo a ka kgahlisang monna wa hae kateng.
Leha ho le jwalo, molomo wa ka, ke re: Ha a ka itulela feela, a ka iketla ka ho fetisisa: mme ke lekanya hoba le nna ke na le Moya wa Modimo.
Seo ke se bolelang, ha ke lekanya tseo nka ithorisang ka tsona, ha ke se bolele ka mokgwa wa Morena, empa e le jwaloka hoja ke ka bowatla.
Hobane ha re tshwane le ba bangata ba tswakang lentswe la Modimo; re ntse re bua re le ba nnete, re le ba buiswang ke Modimo, pontsheng ya Modimo, re le ho Kreste.