Ka baka leo, le se ke la batla seo le tla se ja le seo le tla se nwa, mme le se ke la ipelaetsa;
1 Bakorinthe 7:21 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hleka o bitsitswe o le ya ruilweng na? O se ke wa belaela ke hona. Empa ha o ka lokollwa, o mpe o ikgethele hona. BIBELE Ha o bitsitswe o le lekgoba, o se ke wa itshwenya. Empa leha o ka lokoloha bokgobeng, thabela tokoloho eo. Baasraak Sotho NT Na o bitsitswe o le mohlanka? u se ke ua e tsotella: empa ekare ha u ka lokoloha, u mpe u e sebelise. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Na o bitsitswe o le mohlanka? u se ke ua e tsotella: empa ekare ha u ka lokoloha, u mpe u e sebelise. |
Ka baka leo, le se ke la batla seo le tla se ja le seo le tla se nwa, mme le se ke la ipelaetsa;
Empa le iponele, hore dipelo tsa lona di se ke tsa imelwa ke ho ja le ho nwa hampe, le ke dipelaelo tsa bophelo bona, mme letsatsi leo la le tshwara sehloho;
Hobane rona bohle re kolobeditswe Moyeng o le mong, hore re be mmele o le mong, leha e le Bajuda, leha e le Bagerike, leha e le ba ruilweng, leha e le ba sa ruwang; mme bohle re nositswe Moyeng o le mong.
Hobane ya bitsitsweng ke Morena e le moruwa, ke molokollwa wa Morena; le yena ya bitsitsweng e le molokollwa, ke moruwa wa Kreste.
Ha ho sa le Mojuda, leha e le Mogerike; ha ho sa le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang; ha ho sa le monna, leha e le mosadi; hobane kaofela ha lona le ntho e le nngwe ho Jesu Kreste.
Ha ke bolele ka baka la ho hloka; hobane ke ithutile ho kgolwa ditabeng dife le dife tseo ke leng ho tsona.
Le se ke la belaella letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Modimo ka thapelo le ka kopo e nang le teboho.
Mona, ha ho Mogerike, leha e le Mojuda, leha e le lebollo, leha e le boqai, leha e le mobarebare, leha e le Moskitha, leha e le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang; empa Kreste e le ntho tsohle, le ho bohle.
Ketso tsa lona di hloke takatso ya ho rua; le kgolwe ke tseo le nang le tsona; hobane Modimo ka sebele o itse: Nke ke ka o tlohela, nke ke ka o lahla.