Ka baka leo, ya tlolang o mong o monyenyane wa melao eo, mme a ruta batho ho etsa jwalo, o tla bitswa e monyenyane mmusong wa mahodimo; empa ya e bolokang, mme a ruta batho ho e boloka, yena o tla bitswa e moholo mmusong wa mahodimo.
1 Bakorinthe 7:19 - Sesotho 1909/1961 (SO) Lebollo hase letho, le boqai hase letho, empa eo e leng taba ke ho boloka melao ya Modimo. BIBELE Ho bolla kapa ho se bolle hase letho, empa hoo e leng taba ke ho boloka melao ya Modimo. Baasraak Sotho NT Lebollo hase letho, le ho se bolle hase letho, empa ke ho boloka ditaelo tsa Modimo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Lebollo hase letho, le ho se bolle hase letho, empa ke ho boloka ditaelo tsa Modimo. |
Ka baka leo, ya tlolang o mong o monyenyane wa melao eo, mme a ruta batho ho etsa jwalo, o tla bitswa e monyenyane mmusong wa mahodimo; empa ya e bolokang, mme a ruta batho ho e boloka, yena o tla bitswa e moholo mmusong wa mahodimo.
Hobane Modimo o mong feela, o tlang ho bea ba lebollo ba lokileng ka tumelo, le bona ba sa bollang ka tumelo.
Dijo hase ntho eo re ka kgahlisang Modimo ka yona, hobane leha re eja, ha re ekeletswe letho pela wona; leha re sa je, ha re haellwe ke letho.
Ha ho sa le Mojuda, leha e le Mogerike; ha ho sa le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang; ha ho sa le monna, leha e le mosadi; hobane kaofela ha lona le ntho e le nngwe ho Jesu Kreste.
Hobane ho Jesu Kreste, ho bolla le boqai ha di thuse letho, empa ho thusa tumelo e sebetsang ka lerato.
Hobane ho Jesu Kreste ho bolla le boqai hase letho, empa eo e leng taba ke hore motho e be mmopuwa e motjha.
Mona, ha ho Mogerike, leha e le Mojuda, leha e le lebollo, leha e le boqai, leha e le mobarebare, leha e le Moskitha, leha e le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang; empa Kreste e le ntho tsohle, le ho bohle.
Hobane setjhaba sohle, se neng se tswile, se ne se bolotse empa setjhaba sohle se neng se tswaletswe tseleng hara nahathothe, ha ho se ho tswilwe Egepeta, se ne se sa ka sa bolla.
Ho lehlohonolo ba hlatswang diaparo tsa bona, ba tle ba lokele ho ja sefate sa bophelo, mme ba kene motseng ka menyako ya wona.
Yaba Samuele o re: Hleka Jehova o kgahlwa ke ditjheso le ke mahlabelo, jwalokaha a kgahlwa ha ho utluwa lentswe la Jehova na? Bona kutlo e fetisa sehlabelo, mme mamelo e fetisa mafura a dipheleu.