Tsoha, tsoha, o ikapese ka matla, wena Sione, o apare diaparo tsa hao tsa bokgabane, wena Jerusalema, motse o halalelang! Hobane ha ho leqai, leha e le ya ditshila ya sa tlang ho hlola a kena ho wena jwale.
1 Bakorinthe 7:14 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane monna ya sa dumelang o halaletswa ho mosadi, le mosadi ya sa dumelang o halaletswa ho monna; hoja ha ho jwalo, ekabeba bana ba lona ke bana ba ditshila, athe jwale ba halalela. BIBELE Monna eo e seng modumedi o halaletswa ka mosadi wa hae, le mosadi eo e seng modumedi o halaletswa ka monna wa hae. Hoja ha ho jwalo bana ba bona ba ka be ba sa hlweka, athe jwale ba a halalela. Baasraak Sotho NT Hobane monna ya sa dumelang o halaletswa ho mosadi, le mosadi ya sa dumelang o halaletswa ho monna; empa jwale ba a halalela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane monna ya sa dumelang o halaletswa ho mosadi, le mosadi ya sa dumelang o halaletswa ho monna; empa jwale ba a halalela. |
Tsoha, tsoha, o ikapese ka matla, wena Sione, o apare diaparo tsa hao tsa bokgabane, wena Jerusalema, motse o halalelang! Hobane ha ho leqai, leha e le ya ditshila ya sa tlang ho hlola a kena ho wena jwale.
Yaba o ba biletsa ka tlung, a ba amohela teng. Ka hosasane, Petrose a tloha le bona, mme baena ba bang ba Jopo ba ya le yena.
Thakangwaha ha di halalela, mesaletsa le yona e jwalo; mme motso ha o halalela, makala le wona a jwalo.
Mme mosadi ya nang le monna ya sa dumelang, ekare ha monna a dumela ho dula le yena, a se ka a mo hlala.
Efela ntho tsohle di hlwekile ho ba hlwekileng; empa ha ho ntho e hlwekileng ho ba ditshila le ho ba sa dumelang; ba silafetse dipelo le matswalo.