Ruri, jwaloka mosadi ya jang molekane wa hae ka diteme, le ntjele jwalo ka diteme, lona, ntlo ya Iseraele, ho bolela Jehova.
1 Bakorinthe 7:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Haele ba seng ba nyetse, ke a ba laela, e seng nna, empa e le Morena, ke re: BIBELE Ha e le ba seng ba nyalane, ke ba nea taelo ena. Ha e tswe ho nna, empa e tswa ho Morena. Ke re: Mosadi a se ke a hlala monna wa hae. Baasraak Sotho NT Ho ba nyetseng ke ba laela, e seng nna, empa e le Morena, ke re: Mosadi a se ke a hlala monna wa hae; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho ba nyetseng ke ba laela, e seng nna, empa e le Morena, ke re: Mosadi a se ke a hlala monna wa hae; |
Ruri, jwaloka mosadi ya jang molekane wa hae ka diteme, le ntjele jwalo ka diteme, lona, ntlo ya Iseraele, ho bolela Jehova.
Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya hlalang mosadi wa hae, haese ka baka la bofebe, o mmea hore a fetohe mofebi; mme e mong le e mong ya nyalang mosadi ya hladilweng, o a feba.
Bafarisi ba tla ho yena, ba mmotsa, ka ho mo leka, hore na monna o dumeletswe ho hlala mosadi wa hae.
E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae, a nyala e mong, o a feba, mme e mong le e mong ya nyalang ya hladilweng ke monna wa hae, o a feba.
Mosadi a se ke a hlala monna wa hae — leha mosadi a se a mo hladile, a itulele a se ke a nyalwa; kapa a boelane le monna wa hae — le yena monna a se ke a hlala mosadi wa hae.
Haele ba bang, ke a ba bolella, nna, e seng Morena, ke re: Moena e mong, ekare ha a ena le mosadi ya sa dumelang, a se ke a mo hlala, ha mosadi a ratile ho dula le yena.
Empa ekare ha ya sa dumelang a hlala ya dumetseng, a mo hlale; moena rona wa monna, kapa wa mosadi, ha a tlangwa ditabeng tse jwalo; empa Modimo o re bileditse ho tsa kgotso.
Jwale, haele ka taba ya barwetsana, teng ha ke na molao wa Morena; ke mpa ke hlahisa molomo wa ka, kamoo ke leng motho ya hauhetsweng ke Morena kateng, hore ke tshepehe.
Leha ho le jwalo, molomo wa ka, ke re: Ha a ka itulela feela, a ka iketla ka ho fetisisa: mme ke lekanya hoba le nna ke na le Moya wa Modimo.