1 Bakorinthe 6:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Athe e se e le molato ruri ho lona, ha le ena le ditseko. Na ha le ikgethele keng ho etswa hampe? Na ha le ikgethele keng ho senyehelwa? BIBELE Ka baka lena, le hlotswe ho hang, hobane le a qosana. Keng ha le sa itlohelle ho etswa hampe? Keng ha le sa itlohelle ho qhekanyetswa? Baasraak Sotho NT Ka baka leo, molato o teng hara lona, hobane le ahlolana. Ke ka baka la’ng le sa mpe le foše? ke ka baka la’ng le sa itumelele go forwa? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka baka leo, molato o teng hara lona, hobane le ahlolana. Ke ka baka la’ng le sa mpe le foše? ke ka baka la’ng le sa itumelele go forwa? |
Pelo tsa bona di mano; jwale, ba tla kgalemelwa. Modimo o tla qhebolla dialetare tsa bona, o fedise ditshwantsho tsa bona.
Empa Sakea a ema, a re ho Morena: Bona, Morena, leruo la ka ke le arolela mafutsana kalehare; mme ha ke amohile motho ntho e nngwe ka thetso, ke busetsa ho yena tse nne.
Ya o jabelang lerama, o mo sekehele le leng; ya o amohang kobo, o se ke wa mo hanela le kojwana.
Le bone hore ho se ke ha eba ya lefetsang bobe ka bobe; le mpe le batle kamehla se ka bang molemo ho e mong le e mong hara lona, le ho bohle.
le se ke la phetetsa bobe ka bobe, le hlapa ka hlapa; le mpe le hlohonolofatse, ke ho tseba hobane le bileditswe hona, hore le tle le rue hlohonolofatso.