Yaba o re ho bona: Lona le neilwe ho tseba sephiri sa mmuso wa Modimo, athe ho bao ba kantle tsohle di etswa ka ditshwantsho;
1 Bakorinthe 5:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane ke na le taba efe kahlolong ya ba kantle? Haele ba kahare, na ha le ba ahlole na? BIBELE Na ho ahlola batho ba kantle e ka ba taba ya ka? Na bao lona le ba ahlolang, hase badumedi? Baasraak Sotho NT Hobane nka etsa jwang ho ahlola le ba kantle? Na ha le ahlole ba ka hare na? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane nka etsa jwang ho ahlola le ba kantle? Na ha le ahlole ba ka hare na? |
Yaba o re ho bona: Lona le neilwe ho tseba sephiri sa mmuso wa Modimo, athe ho bao ba kantle tsohle di etswa ka ditshwantsho;
Empa Jesu a re ho yena: Monna, ke mang ya mpeileng moahlodi, leha e le moaroledi wa lona?
Jesu a araba, a re: Mmuso wa ka ha o tswe lefatsheng lena; hoja mmuso wa ka o tswa lefatsheng lena, bahlanka ba ka ba ka be ba ntwanela, ke tle ke se ke ka neelwa Bajuda; empa jwale, mmuso wa ka hase wa mona.
le tle le etse ka mokgwa o tshwanelang ka nqeng ya ba kantle, mme le se ke la hloka letho.
Hape, e ka kgona a be le bopaki bo botle bo tswang ho ba kantle, a tle a se ke a wela dihlapeng le lerabeng la Diabolose.