1 Bakorinthe 4:21 - Sesotho 1909/1961 (SO) Na le ratang? Ke tle ho lona ka thupa, kapa ka lerato le ka moya o mosa na? BIBELE Jwale le ikgethelang? Hore ke tle ho lona ka thupa, kapa ka lerato le ka mosa? Baasraak Sotho NT Le batla eng? A ke tle ho lona ka molamu, kapa ka lerato, le ka moya wa bonolo? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le batla eng? A ke tle ho lona ka molamu, kapa ka lerato, le ka moya wa bonolo? |
ke ahlotse hore monna eo a neelwe Satane, hore ho senyehe nama ya hae, moya o tle o pholohe ka letsatsi la Morena Jesu.
Mme ke bitsa Modimo, e be paki ya taba tsa moya wa ka, ha ke re, e ne e le ka baka la ho le hauhela, ha ke eso ho ye Korinthe le jwale;
Athe, leha nka eketsa hanyenyane ho ithorisa ka matla a rona, ao re a neilweng ke Morena ho le hahisa, e seng ho le diha, nke ke ka ba le dihlong;
Ke kgothaditse Tite, ka re, a ye ho lona, mme ke romile le yena moena e mong. Na Tite o kile a rua letho ka lona na? Na ha re a ka ra tsamaya le yena ka moya o le mong, ka mehlala e le meng feela na?
Ke ka baka leo ke ngolang taba tseo, ke sa le siyo ho lona, hore mohla ke leng teng, ke se ke ka etsa ka thata, ka matla ao Morena a nneileng wona ho hahisa, e seng ho heletsa.
Ke se ke le boleletse pele, le jwale ke sa le bolella, ke re: Jwalokaha nkile ka etsa ha ke le ho lona ka la bobedi, le jwale ke sa pheta, leha ke le siyo, ke ngolla ba sitilweng pele, le ba bang bohle hore, ha ke boela ke etla, nke ke ka ba rekolohela;
Leha ke ne ke le ngolle jwalo, e ne e le hore mohla ke fihlang, ke se ke ka swabiswa ke bao ke tshwanetseng ho thabiswa ke bona; kamoo ke ntseng ke le tshepile kaofela kateng, hobane thabo ya ka ke ya lona bohle.
Efela se neng se na le kganya pele, ha se sa na kganya, ha se bapiswa le kganya ena e fetisang haholo.
Banabeso, ekare ha motho a wela molatong o mong, lona bao le leng ba moya, le ke le mo tsose ka moya o mosa; mme o iponele, esere wa lekwa le wena.
Empa bohlale bo tswang hodimo, taba ya bona ya pele, bo hlwekile, hape bo na le kgotso, bo bonolo, bo rekoloha kapele, bo tletse mohau le ditholwana tse monate, ha bo fetofetohe, ha bo na boiketsiso.