A mpa a ba dumedisa, a re: E ka kgona mokete o tlang ke o je Jerusalema; ke tla boela ke kgutlele ho lona, ha Modimo o dumela. Mme a tloha Efese.
1 Bakorinthe 4:19 - Sesotho 1909/1961 (SO) Athe ke se ke tla ya ho lona kapele, ha Morena a rata, mme ke tla tseba, e seng dipolelo tsa ba ikgantshitseng, empa e le matla a bona. BIBELE Empa ke tla le etela haufinyane, ha Morena a rata, mme ke tla iphumanela hore na matla a baikgohomosi bao a makae, ho fapana le puo tsa molomo, Baasraak Sotho NT Empa ke tla tla ho lona haufinyane, ha Morena a rata, mme ke tla tseba, e seng puo ya ba ikgohomosang, empa ke tla tseba matla a bona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ke tla tla ho lona haufinyane, ha Morena a rata, mme ke tla tseba, e seng puo ya ba ikgohomosang, empa ke tla tseba matla a bona. |
A mpa a ba dumedisa, a re: E ka kgona mokete o tlang ke o je Jerusalema; ke tla boela ke kgutlele ho lona, ha Modimo o dumela. Mme a tloha Efese.
Kamora tseo, Pauluse a rera, ka kgopotso ya Moya, ho ya Jerusalema, ka tsela ya Masedonia le ya Akaea, a re: Etlare ha ke ile teng, e ka kgona ke bone le Roma.
Ha a se a qetile naha eo, mme a kgothaditse baena ka dipolelo tse ngata, a ya naheng ya Bagerike.
Mme ekare ha e mong a lapile, a no ja hae, le tle le se ke la phuthehela tsuo. Haele ka tse ding, tsona ke tla di lokisa ha ke se ke fihlile.
Ke rata ha le ka bua bohle ka dipuo, empa haholoholo ke rata ha le ka porofeta; hobane ya porofetang o fetisa ya buang ka dipuo, haese ha eo a ka fetola, kereke e tle e fumane kgahiso.
Hobane, haele jwale, ha ke rate ho le fapohela feela, empa ke tshepile hoba ke tla hlola ditshiu le lona, ha Morena a dumela.
Empa re bolela bohlale hara ba phethehileng, e seng bohlale ba lefatshe lena, le ba marena a lefatshe lena a felang;
Banabeso, ke tshwantshitse taba tseo ka nna le ka Apolose, ka baka la lona, le tle le ithute ka rona hore le se ke la tlodisa se ngodilweng; hore ho se ke ha eba e mong hara lona ya ikgantshang ho e mong ke ho emela e mong.
Mme ke bitsa Modimo, e be paki ya taba tsa moya wa ka, ha ke re, e ne e le ka baka la ho le hauhela, ha ke eso ho ye Korinthe le jwale;
Empa jwale le ka be le re: Ha Morena a rata, ha re sa le teng, re tla etsa hore le hore.