A re a sa bua, leru le kganyang la hlaha, la ba kgurumetsa, mme ha utlwahala lentswe le tswang lerung, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; mo utlweng!
1 Bakorinthe 3:23 - Sesotho 1909/1961 (SO) lona le ba Kreste, mme Kreste ke wa Modimo. BIBELE lona le ba Kreste, mme Kreste ke wa Modimo. Baasraak Sotho NT Le lona le ba Kreste; mme Kreste ke wa Modimo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le lona le ba Kreste; mme Kreste ke wa Modimo. |
A re a sa bua, leru le kganyang la hlaha, la ba kgurumetsa, mme ha utlwahala lentswe le tswang lerung, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; mo utlweng!
bohle ba tle ba be bang, jwalokaha wena, Ntate, o le ho nna, le nna ke le ho wena; le bona ba be bang ho rona, hore lefatshe le tle le dumele hoba o nthomile.
Hobane leha re phela, re phelela Morena, mme leha re eshwa, re shwela Morena. Ka baka leo, leha re phela, leha re eshwa, re ba Morena.
Empa ke rata ha le ka tseba hoba hlooho ya monna e mong le e mong ke Kreste, mme hlooho ya mosadi ke monna, mme hlooho ya Kreste ke Modimo.
Empa e mong le e mong o tla tsoha nakong eo e leng ya hae; thakangwaha ke Kreste; hamorao ke bao e leng ba Kreste; ba tla tsoha ho tleng ha hae.
Mme etlare ha tsohle di beilwe katlasa hae, ke hona Mora le yena a tla bewa katlasa ya beileng tsohle katlasa hae, hore Modimo e tle e be tsohle ho bohle.
Hobane ya bitsitsweng ke Morena e le moruwa, ke molokollwa wa Morena; le yena ya bitsitsweng e le molokollwa, ke moruwa wa Kreste.
leha ho le jwalo, ho rona Modimo o mong feela, e leng Ntata rona, e leng oo tsohle di tswang ho wona, oo re leng ho wona; mme re na le Morena a le mong feela, e leng Jesu Kreste, eo tsohle di entsweng ka yena, le rona re leng ka yena.
Na le tadima tshobotsi na? Ekare ha e mong a itshepetse hoba ke wa Kreste, a ke a hopole hape hobane, jwalokaha yena e le wa Kreste, le rona re ba Kreste.
hore, etlere nako tse beilweng ke wona ha di se di phethehile, o tle o bokellele tsohle ho Kreste, leha e le tse lehodimong, leha e le tse lefatsheng.