Ba tla tshoha, ba swabe ka baka la Ethiopia eo ba mo tshepileng, le ka baka la Egepeta eo ba ithorisang ka yena.
1 Bakorinthe 3:21 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ho le jwalo, motho a se ke a ithorisa ka batho; hobane tsohle ke tsa lona, BIBELE Kahoo ho se be ya ithorisang ka batho. Tsohle ke tsa lona, Baasraak Sotho NT Ka hona ho se be motho ya ithorisang ka batho. Hobane tsohle ke tsa hao; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka hona ho se be motho ya ithorisang ka batho. Hobane tsohle ke tsa hao; |
Ba tla tshoha, ba swabe ka baka la Ethiopia eo ba mo tshepileng, le ka baka la Egepeta eo ba ithorisang ka yena.
Leha e le pallo ya ho rua lefatshe ka mokgwa wa lefa, ha e a ka ya etsetswa Abrahama le ditloholo tsa hae ka molao, empa e bile ka ho loka ha tumelo.
Mme re tseba hore dintho tsohle di sebedisana hammoho molemo wa ba ratang Modimo, e leng ba bitsitsweng ka morero wa wona.
Wona o sa kang wa qenehela Mora wa wona wa sebele, wa mpa wa mo tella rona bohle, na o ke ke wa re sitsa ka dintho tsohle le yena na?
Banabeso, ke tshwantshitse taba tseo ka nna le ka Apolose, ka baka la lona, le tle le ithute ka rona hore le se ke la tlodisa se ngodilweng; hore ho se ke ha eba e mong hara lona ya ikgantshang ho e mong ke ho emela e mong.
Hobane tsohle di etsetswa lona, hore mohau ha o ntse o ata ka ba bangata, o tle o ngatafatse teboho, Modimo o be o tlotliswe.
Hobane ha re ipolele, empa re bolela Jesu Kreste hore ke Morena; mme haele rona, re ipolela hore re bahlanka ba lona, ka baka la Jesu.
jwaloka hoja re hlomohile, athe re thabile kamehla; jwaloka hoja re a fumaneha, athe re ruisa ba bangata; jwaloka hoja ha re na letho, athe re ruile ntho tsohle.
Ya hlolang o tla ja lefa la ntho tsohle, mme ke tla ba Modimo wa hae, yena e be mora wa ka.