Empa ba hlalefileng ba tla kganya jwaloka kganya ya lehodimo, ba kgannetseng ba bangata ho lokeng ba kganye jwaloka dinaledi kamehla le mehla, ka ho sa yeng kae.
1 Bakorinthe 3:14 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ekare ha mosebetsi oo e mong a o hahileng hodima motheo o sala, yena o tla putswa. BIBELE Haeba mosebetsi wa e mong ya hahileng hodima motheo o sa senyehe, o tla amohela moputso. Baasraak Sotho NT Ekare ha mosebetsi wa motho o tiya, oo a o hahileng hodima yona, o tla fuwa moputso. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ekare ha mosebetsi wa motho o tiya, oo a o hahileng hodima yona, o tla fuwa moputso. |
Empa ba hlalefileng ba tla kganya jwaloka kganya ya lehodimo, ba kgannetseng ba bangata ho lokeng ba kganye jwaloka dinaledi kamehla le mehla, ka ho sa yeng kae.
Mme ya hlomang le ya nosetsang ke ntho e le nngwe feela; mme e mong le e mong o tla amohela moputso oo e leng wa hae, ka tekanyo ya mosebetsi oo e leng wa hae.
Ka baka leo, le se ke la ahlola letho e eso ho be nako, le mpe le lebelle Morena a be a fihle, ya tlang ho hlahisetsa leseding tse patilweng tsa lefifi, le ho senola merero ya dipelo; mme ke moo Modimo o tla nea motho ka mong poko e mo loketseng.
Ekare ha ke etsa jwalo ka ho rata, ke na le moputso teng; mme leha ke etsa ke sa rate, tshebetso ya yona e sa ntse e beilwe hodima ka.
Empa e mong le e mong a ke a leke mesebetsi eo e leng ya hae, mme ke moo a tla ba le sebaka sa ho ithorisa ka tsa hae, e seng ka tsa ba bang.
Hobane tshepo ya rona ke mang, kapa thabo ya rona, kapa moqhaka oo re ithorisang ka wona keng? Na hase lona le tla ba wona pela Morena Jesu Kreste, ho tleng ha hae?
Ke kgothatsa baholo ba ho lona, nna ke leng moholo le bona, le paki ya mahlomola a Kreste, le ya nang le kabelo kganyeng e tlang ho senolwa,