1 Bakorinthe 15:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona; mme mohau wa wona ho nna ha o a ka wa eba lefeela; empa, ke ba fetisitse bohle hole ka ho sebetsa; empa e seng nna, e leng mohau wa Modimo o ho nna. BIBELE Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona, mme mohau wa Modimo ho nna ha o a ka wa fetoha lefeela. Ke sebeditse ho feta baapostola bohle, le hoja e se ka bonna, e le ka mohau wa Modimo o ho nna. Baasraak Sotho NT Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona; empa ke sebeditse ho fetisa bona bohle, empa e seng nna, empa e le mohau wa Modimo o nang le nna. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona; empa ke sebeditse ho fetisa bona bohle, empa e seng nna, empa e le mohau wa Modimo o nang le nna. |
Ya nkileng ditalenta tse hlano a phakisa a ya, a hweba ka tsona, a rua ditalenta tse ding tse hlano.
Jwale, ke re: Ana Modimo o lahlile setjhaba sa wona na? Tjhe, ho se ke ha thualo! Hobane le nna ke Moiseraele, wa mofuta wa Abrahama, wa leloko la Benjamine.
Hobane ka mohau oo ke o neilweng, ke bolella motho e mong le e mong hara lona, hore a se ke a itekanya boholo bo tlodisang moo a tshwanetseng ho lekanya teng; a mpe a ikgopole ka se mo lekaneng, e mong le e mong ka tekanyo ya tumelo eo Modimo o mo abetseng yona.
eo le pholohang ka yona, ha le ka e boloka kamoo ke le boleletseng yona kateng, haeba le sa ka la dumela feela.
Haele nna, ka mohau wa Modimo oo ke o filweng, ke theile motheo jwaloka sehahi se bohlale, mme e mong o haha kahodima wona; e mong le e mong a mpe a iponele kamoo a hahang kateng hodima wona.
Hobane ke mang ya o kgethang ho e mong? Mme o na le eng eo o sa kang wa e fuwa? Mme ekare ha o e filwe, o ka ithorisa jwang, jwaloka hoja o sa ka wa e fuwa?
Ha ke ithorisitse, ke fetohile lewatla, ke lona le ntshusumeleditseng teng; hobane ke ne ke tshwanelwa ke ho emelwa ke lona, hobane ha ke a ka ka fetiswa ka letho, leha le le leng, ke baapostola ba fetisang ka boholo, leha ke se eng.
E seng hore re ka tseba ho lekanya letho re nnotshi, jwaloka hoja le itswela ho rona; matla a rona a mpa a tswa ho Modimo;
Jwale, kahobane re le ba sebedisanang le Modimo, re a le kgothatsa hore le se ke la ba ba nketseng mohau wa Modimo lefeela.
hobane ya sebeditseng ka ho Petrose ho mo etsa moapostola wa ba lebollo, o sebeditse le ka ho nna ka baka la baditjhaba — ke re, ba lekanngwang hoba ke ditshiya,
hobane Modimo ke wona o sebetsang ka ho lona ho rata le ho etsa, ka boithatelo ba wona.
Re a le rapela, banabeso, re re: Le ke le hlomphe ba sebetsang hara lona, ba le busang Moreneng, ba le kgothatsang.
Efela ke ka baka la yona re sebetsang, re lwanang; kahobane re itshepetse Modimo o phelang, oo e leng Mmoloki wa batho bohle, haholo wa ba dumetseng.