1 Bakorinthe 14:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Phehellang lerato. Leha ho le jwalo, le tjhesehelle dineo tsa Moya, haholo ya ho porofeta. BIBELE Folofellang lerato. Labalabelang dineo tsa moya, haholo neo ya ho porofeta. Baasraak Sotho NT Latelang lerato, mme le lakatse dineo tsa moya, empa haholo hore le tle le porofete. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Latelang lerato, mme le lakatse dineo tsa moya, empa haholo hore le tle le porofete. |
Mmameleng, lona ba latelang ho loka, ba batlang Jehova; lebisang mahlo lefikeng leo le kgephotsweng ho lona, le thabeng eo le tjhekilweng ho yona.
Jwale, haele moo re ena le dineo tse sa tshwaneng, kamoo re filweng mohau kateng, ha ekaba re na le ho porofeta, a re porofeteng ka tekanyo ya tumelo;
A re ke re batleng ke hona ditaba tse hlahisang kgotso, le tseo re ka hahisanang hammoho ka tsona.
Jwale, re tla reng? Re tla re: Baditjhaba ba neng ba sa batle ho loka, ba fumane ho loka, e leng ho loka ho tswang tumelong;
Hara dineo tseo, a le keng le tjhesehelleng tse fetisang ka molemo; empa ke sa tla le bontsha tsela e fetisisang.
Mme jwale, tse tharo tsena di a sala: tumelo, le tebello, le lerato; empa e kgolo ho tsona ke lerato.
Mme leha nka ba le neo ya boporofeta, kapa leha nka tseba diphiri tsohle le bohlale bohle, leha nka ba le tumelo yohle, ka ba ka falatsa le dithaba, ha ke se na lerato, ha ke letho.
Ha ho le jwalo, dipuo ke pontsho, e seng ho badumedi, empa e le ho ba sa dumelang; athe baporofeta ke pontsho, e seng ho ba sa dumelang, empa e le ho badumedi.
Ekare ha motho a itekanya hoba ke moporofeta, kapa motho ya nang le moya, a ke a tsebe hoba ditaba tseo ke le ngollang tsona, ke melao ya Morena.
Ho feleng, banabeso, tjhesehellang ho porofeta, haholo, mme le se ke la thibela ha ho buwa ka dipuo.
Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, o re hlohonolofaditseng ka mahlohonolo wohle a Moya, mahodimong, ho Kreste;
Hape, o se ke wa lebala mpho e ho wena, eo o e filweng ka boporofeta hammoho le peo ya matsoho a baholo.
ya tumileng ka mesebetsi e metle, ya hodisitseng bana, le ho amohela baeti, le ho hlatswa bahalaledi maoto, le ho thusa ba mahlomoleng, le ho hlokomela mesebetsi yohle e molemo.
Haele wena he, monna wa Modimo, sesefa ntho tseo, mme o mathele ho loka, le borapedi, le tumelo, le lerato, le mamello, le mosa.
O ke o balehele ditakatso tsa botjha, mme o phehelle ho loka, le tumelo, le lerato, le kgotso hammoho le bohle ba rapelang Morena ka pelo e hlwekileng.
Phehellang, ho ba le kgotso le batho bohle, le kgalalelo eo ho seng motho a tlang ho bona Modimo, ha a se na yona.
Moratuwa, o se ke wa etsisa bobe, o mpe o etsise botle. Ya etsang hantle o tswa ho Modima; empa ya etsang hampe ha a ka a bona Modimo.
Kamorao, o tla fihla Gibea-Elohime, moo qhobosheane ya Bafilesta e leng teng; etlare ha o fihla motseng, o tla teana le sehlopha sa baporofeta ba theohang nqalong e phahameng, ba eteletswe pele ke phala le moropa le lesiba le harepa, ba ntse ba porofeta.