hobane molotsana o ithorisa ka takatso ya pelo ya hae, mme leshodu le rohaka, le nyedisa Jehova.
1 Bakorinthe 13:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha le thabele bokgopo, le mpa le thabela nnete. BIBELE ha le thabele bokgopo, empa le thabela nnete. Baasraak Sotho NT Ha le thabele bokgopo, empa le thabela nnete; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ha le thabele bokgopo, empa le thabela nnete; |
hobane molotsana o ithorisa ka takatso ya pelo ya hae, mme leshodu le rohaka, le nyedisa Jehova.
Jethro a itumela ka baka la molemo wohle oo Jehova a o etseditseng Iseraele, ha a ba namoletse letsohong la Baegepeta.
Empa ekare ha le sa utlwe hoo, pelo ya ka e tla lla sephiring ka baka la boikgohomoso ba lona, mahlo a ka a tla lla, a be a lle, a tsholle meokgo, ke hobane mohlape wa Jehova o ya iswa kgolehong.
Hobane ke utlwile diketselletso tsa ba bangata; ho ntse ho tshabeha ka nqa tsohle. Ba re: Mo qoseng, re tle re mo qose. Bohle ba neng ba na le kgotso le nna, ba eme lehlakoreng la ka, ba re: Ekaba a ka thetswa, re ka mo hlola, re tle re iphetetse ho yena.
Oho! hojane ebe hlooho ya ka e le metsi le mahlo a ka e le sediba sa meokgo, nka be ke llela ba bolailweng ba moradi wa setjhaba sa ka motshehare le bosiu!
O se ke wa thaba ka kotsi ya ka, wena o leng sera ho nna, hobane leha ke wele, ke tla boela ke eme; leha ke dutse lefifing, Jehova ho nna ke lesedi.
Mme ha a e fumana, kannete ke re ho lona, o ya e thabela ho fetisa tse mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong tse sa lahlehang.
Mme leha ba tsebile kahlolo ya Modimo, e reng ba etsang tse jwalo ba tshwanetse ho shwa, ho di etsa ba di etsa, ba bile ba emela ba di etsang le hona.
Ho nang? Kreste o ntse a bolelwa ka mekgwa yohle, leha e le ka boiketsiso, leha e le ka nnete; mme ke thabile ke hona, mme ke ya nne ke thabe.
Hobane ba bangata bao ke seng ke ba boletse ho lona hangata, le jwale ke sa ba bolela ka ho lla, ba tsamaya e le dira ho sefapano sa Kreste;
Ke thabile haholo ha ke fihletse bana ba bang ba hao ba tsamaya nneteng, jwalokaha re laetswe ke Ntate.