O bue le banna ba masene, bao ke ba tshetseng ka moya wa hlalefo, ba tle ba etsetse Aarone diaparo tse mo kgethang, hore a tle a sebetse mosebetsi wa boprista pela ka. Diaparo tseo ba tla di etsa, ke tsona tsena:
1 Bakorinthe 12:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mme ponahatso ya Moya e newa e mong le e mong, e tle e be molemo wa bohle. BIBELE E mong le e mong o amohetse neo ya ho bonahatsa Moya hore bohle ba fumane molemo. Baasraak Sotho NT Empa e mong le e mong o newa ponahatso ya Moya ho thusa bohle. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa e mong le e mong o newa ponahatso ya Moya ho thusa bohle. |
O bue le banna ba masene, bao ke ba tshetseng ka moya wa hlalefo, ba tle ba etsetse Aarone diaparo tse mo kgethang, hore a tle a sebetse mosebetsi wa boprista pela ka. Diaparo tseo ba tla di etsa, ke tsona tsena:
Hobane jwalokaha mmele o le mong, mme o ena le ditho tse ngata, mme ditho tsohle tsa mmele o leng mong, leha di le ngata, e le mmele o le mong feela, Kreste le yena o jwalo.
Mme jwale lona, haele mona le tjhesehella dineo tsa Moya, batlang ho atelwa ke tse ka hahisang kereke.
Empa kerekeng nka rata ho bolela mantswe a le mahlano feela ka kelello, ke tle ke rute ba bang le bona, ho fetisa mantswe a dikete tse leshome ka puo.
Ke rata ha le ka bua bohle ka dipuo, empa haholoholo ke rata ha le ka porofeta; hobane ya porofetang o fetisa ya buang ka dipuo, haese ha eo a ka fetola, kereke e tle e fumane kgahiso.