1 Bakorinthe 12:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le diketso di arohane, empa Modimo o mong feela, o sebetsang tsohle ho bohle. BIBELE Ho na le mesebetsi e fapaneng, empa Modimo ya sebetsang tsohle ho bohle o mong. Baasraak Sotho NT Ho na le mesebetsi e fapaneng, empa ke Modimo o le mong feela o sebetsang tsohle ho bohle. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho na le mesebetsi e fapaneng, empa ke Modimo o le mong feela o sebetsang tsohle ho bohle. |
Tseo tsohle di sebetswa ke wona Moya oo o leng mong feela, o ntseng o abela e mong le e mong kamoo o ratang kateng.
Mme etlare ha tsohle di beilwe katlasa hae, ke hona Mora le yena a tla bewa katlasa ya beileng tsohle katlasa hae, hore Modimo e tle e be tsohle ho bohle.
Ha ho le jwalo, ya nang le taba hase ya hlomang, leha e le ya nosetsang, empa e le Modimo o medisang.
Modimo o mong, e leng Ntata bohle, ya kahodimo ho bohle, ya hara bohle, ya ka ho bohle.
hobane Modimo ke wona o sebetsang ka ho lona ho rata le ho etsa, ka boithatelo ba wona.
Ke seo ke se sebetsang, ke ntse ke lwana ka tshebetso ya hae e sebetsang ka ho nna ka matla.
Mona, ha ho Mogerike, leha e le Mojuda, leha e le lebollo, leha e le boqai, leha e le mobarebare, leha e le Moskitha, leha e le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang; empa Kreste e le ntho tsohle, le ho bohle.
o ke o le bopele mesebetsi yohle e metle, le tle le etse thato ya wona, mme le wona o etse ka ho lona se o kgahlisang ka Jesu Kreste, eo re reng: Kganya e be ho yena ka ho sa feleng! Amen!