1 Bakorinthe 12:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mme tsebe leha e be e ka re: Erekaha ke se leihlo, ha ke wa mmele, na hase ya mmele leha ho le jwalo na? BIBELE Haeba tsebe e ka re: “Erekaha ke se leihlo, ha ke karolo ya mmele,” ho rialo ho ke ke ha etsa hore le kgaotse ho ba karolo ya mmele. Baasraak Sotho NT Ekare ha tsebe e ka re: Erekaha ke se leihlo, ha ke karolo ya mmele; Ha ho le jwalo, na hase karolo ya mmele? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ekare ha tsebe e ka re: Erekaha ke se leihlo, ha ke karolo ya mmele; Ha ho le jwalo, na hase karolo ya mmele? |
Hobane ka mohau oo ke o neilweng, ke bolella motho e mong le e mong hara lona, hore a se ke a itekanya boholo bo tlodisang moo a tshwanetseng ho lekanya teng; a mpe a ikgopole ka se mo lekaneng, e mong le e mong ka tekanyo ya tumelo eo Modimo o mo abetseng yona.
Hoja leoto le ka re: Erekaha ke se letsoho, ha ke wa mmele, na hase la mmele leha ho le jwalo na?
Hoja mmele wohle e ka ba leihlo, kutlo e ka ba kae? Ha mmele wohle e ka ba kae? Ha mmele wohle e ka ba kutlo, kutlo ya nko e ka ba kae na?
Tjhe, empa ditho tsa mmele tseo e kang di fetisa ka ho fokola, ke tsona tse hlokwang haholo.
Le se ke la etsa letho ka kgang, leha e le ka boithoriso ba lefeela, empa e mong le e mong, ka boikokobetso, a lekanye hobane ba bang ba mo fetisa.