Rona, bao re leng bangata, re mmele o le mong, kahoba bohobe bo le bong feela; hobane bohle re ja bohobe boo bo le bong.
1 Bakorinthe 12:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane jwalokaha mmele o le mong, mme o ena le ditho tse ngata, mme ditho tsohle tsa mmele o leng mong, leha di le ngata, e le mmele o le mong feela, Kreste le yena o jwalo. BIBELE Jwalokaha mmele o le mong o ena le ditho tse ngata, mme ditho tsohle tsa mmele, leha di le ngata, e le tsa mmele o le mong, le yena Kreste o jwalo. Baasraak Sotho NT Hobane jwaloka ha mmele o le mong, o ena le ditho tse ngata, mme ditho tsohle tsa mmele o le mong, leha di le ngata, e le mmele o le mong, le Kreste o jwalo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane jwaloka ha mmele o le mong, o ena le ditho tse ngata, mme ditho tsohle tsa mmele o le mong, leha di le ngata, e le mmele o le mong, le Kreste o jwalo. |
Rona, bao re leng bangata, re mmele o le mong, kahoba bohobe bo le bong feela; hobane bohle re ja bohobe boo bo le bong.
Mme jwale, dipallo di etseditswe Abrahama le leloko la hae; ha ho thwe, meloko, jwaloka hoja ho bolelwa e mengata, empa ka ho lekanya le le leng feela, ho itswe: Le ho leloko la hao, e leng Kreste.
Mmele o mong, le Moya o mong, jwalokaha le bileditswe tebello e le nngwe ka ho bitswa ha lona.
hobane monna ke hlooho ya mosadi, jwalokaha Kreste le yena e le hlooho ya kereke, mme ke yena Mmoloki wa mmele wa hae.
Hape, ke yena hlooho ya mmele, ya kereke, qalo le letsibolo ho bafu, a tle a be le tulo ya pele nthong tsohle.
Jwale, ke thabela mahloko a ntlhahelang ka baka la lona, mme ke phethisisa nameng ya ka ho setseng ha mahlomola a Kreste, ka baka la mmele wa hae, e leng kereke.
a sa itshwarelle ka hlooho, eo mmele wohle, ha o ntse o fepjwa, mme o teanngwa hammoho ka dikopano tsa manonyello, o holang ka kgolo ya Modimo.
Mme kgotso ya Modimo, eo le e biletswang ho ba mmele o le mong, e buse pelong tsa lona; hape le be le teboho.