Baahi bohle ba lefatshe ba jwaloka lefeela pela hae, o etsa ka makgotla a lehodimo le ka baahi ba lefatshe kamoo a ratang kateng, ha ho e mong ya ka thibelang letsoho la hae, a re ho yena: O etsang na?
1 Bakorinthe 12:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Tseo tsohle di sebetswa ke wona Moya oo o leng mong feela, o ntseng o abela e mong le e mong kamoo o ratang kateng. BIBELE Tsena tsohle di etswa ke wona Moya oo o le mong feela, mme o abela e mong le e mong kamoo o ratang kateng. Baasraak Sotho NT Empa tsena tsohle di sebetsa Moya o le mong o le mong, o arolelang e mong le e mong kamoo o ratang kateng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa tsena tsohle di sebetsa Moya o le mong o le mong, o arolelang e mong le e mong kamoo o ratang kateng. |
Baahi bohle ba lefatshe ba jwaloka lefeela pela hae, o etsa ka makgotla a lehodimo le ka baahi ba lefatshe kamoo a ratang kateng, ha ho e mong ya ka thibelang letsoho la hae, a re ho yena: O etsang na?
Kapa ha ho a ntokela ho etsa ka ntho tsa ka kamoo ke ratang kateng, na? Kapa leihlo la hao le mona kahobane ke le molemo na?
Moya o fokela moo o ratang teng, mme o utlwa modumo wa wona, empa ha o tsebe moo o tswang teng, le moo o yang teng. Ho jwalo le ho bohle ba tswetsweng ke Moya.
Hobane, jwalokaha Ntate a tsosa bafu, le ho ba pholosa, le yena Mora o pholosa bao a ratang ho ba pholosa.
Jwale, haele moo re ena le dineo tse sa tshwaneng, kamoo re filweng mohau kateng, ha ekaba re na le ho porofeta, a re porofeteng ka tekanyo ya tumelo;
Ha ho le jwalo, o hauhela eo o ratang ho mo hauhela, mme o thatafatsa eo o ratang ho mo thatafatsa.
Mme jwale, Modimo o beile ditho mmeleng, se seng le se seng sa tsona, kamoo o ratileng kateng.
Empa motho ka mong a tsamaye kamoo Morena a mo abetseng kateng, le kamoo Modimo o mmitsitseng kateng. Ke laela dikereke tsohle jwalo.
Hobane nka rata ha batho bohle ba ka ba jwaloka nna; empa motho ka mong o na le neo ya hae e mo lokelang, e tswang ho Modimo, e mong ka mokgwa o itseng, e mong ka osele.
Haele rona, re ke ke ra ithorisa ho tlodisa tekanyo, eo re e lekanyeditsweng; empa e le ka tekanyo ya sebaka seo Modimo o re aroletseng sona, kamoo o re fihlisitseng le ha heno kateng.
Hape, ke ka ho Kreste re entsweng lefa la wona, kamoo re neng re rerelwe hona pele kateng, ka morero wa ya sebetsang dintho tsohle ka phehello ya thato ya hae;
ha Modimo o ntse o omela hammoho le bona ka dipontsho, le meeka, le diketso tse ngata tse matla, le ka dineo tse ajwang ke Moya o Halalelang, kamoo o ratang kateng?
Ka ho rata ha hae, o re tswetse ka lentswe la nnete, re tle re be bao e kang ke dithakangwaha tsa dibopuwa tsa hae.