La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




1 Bakorinthe 11:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Mme mosadi e mong le e mong ha a rapela, leha a porofeta, a sa rwale hloohong, o tlotlolla hlooho ya hae, hobane ke ntho e le nngwe le ha a beotswe.

Ver Capítulo

BIBELE

Mosadi e mong le e mong ha a rapela kapa a porofeta, a sa rwala letho hloohong, o tlontlolla monna wa hae; ha ho phapano mahareng a hae le mosadi ya kutileng lekorana.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Empa mosadi e mong le e mong ya rapelang, kapa ya porofetang, a sa rwala hloohong, o tlontlolla hlooho ya hae;

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Empa mosadi e mong le e mong ya rapelang, kapa ya porofetang, a sa rwala hloohong, o tlontlolla hlooho ya hae;

Ver Capítulo



1 Bakorinthe 11:5
8 Referencias Cruzadas  

Nka lelwala, o sile phofo; tlosa lesira la hao, o tswakeletse diaparo tsa hao; rola dieta, o tshele dinoka.


Hape, ho ne ho le Anna, moporofeta wa mosadi, moradi wa Fanuele, wa leloko la Asere; o ne a se a hodile haholo, a kile a ba le monna ka dilemo tse supileng ho tloha borwetsaneng ba hae;


Mehleng ya bofelo, ho bolela Modimo, ke tla tshela nama yohle ka Moya wa ka; bara ba lona le baradi ba lona ba tla porofeta; ba batjha ba lona ba tla bona dipono, mme maqheku a lona a tla lora ditoro.


O ne a ena le baradi ba bane, barwetsana ba porofetang.


Monna e mong le e mong ha a rapela, leha a porofeta, a rwetse hloohong, o tlotlolla hlooho ya hae.


Hobane ekare ha mosadi a sa rwale hloohong, a hle a kutwe; mme jwale, haele ntho e dihlong ha mosadi a ka kutwa, kapa a beolwa, a rwale hloohong ke hona.


Basadi ba lona ba kgutse diphuthehong; hobane ha ba dumellwe ho bua; ba mpa ba tshwanetse ho mamela; jwalokaha le wona molao o bolela.


o tla mo isa tlung ya hao; a beole hlooho ya hae, a pome dinala tsa hae;