Ka ba ka nka lengolo la theko le tiisitsweng ka mokgwa wa teng le ka molao, le lona lengolo le phetlilweng;
1 Bakorinthe 11:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa ekare ha motho a rata kgang, rona ha re na mokgwa oo, le tsona dikereke tsa Modimo ha di na wona. BIBELE Haeba e mong a rata ho phea kgang ka hona, rona, esita le dikereke tsa Modimo, ha re na moetlo o jwalo wa ho rapela. Baasraak Sotho NT Empa ekare ha motho a rata manganga, rona ha re na mokgwa o jwalo, leha e le dikereke tsa Modimo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ekare ha motho a rata manganga, rona ha re na mokgwa o jwalo, leha e le dikereke tsa Modimo. |
Ka ba ka nka lengolo la theko le tiisitsweng ka mokgwa wa teng le ka molao, le lona lengolo le phetlilweng;
Ba boleletswe, ho thwe, o ruta Bajuda bohle ba ditjhabeng ho kgaohana le Moshe, o re, ba se ke ba bolotsa bana ba bona, mme ba se ke ba ya ka mekgwa ya bona.
O ye le bona, o itlhwekise le bona, o ba lefelle, ba tle ba beolwe dihlooho, bohle ba tle ba tsebe kahoo, hobane ha ho na letho la tseo ba di utlwileng o bolelwa ka tsona; ba tsebe hobane le wena o ntse o bolokile molao.
Athe mosadi ha a hodisa moriri wa hae, ke kganya ho yena; hobane o filwe moriri, e tle e be lesira.
Haele dithuso tse bokellelwang bahalaledi, le etse jwalokaha ke laetse dikereke tsa Galatia.
Ka baka leo, le se ke la ahlola letho e eso ho be nako, le mpe le lebelle Morena a be a fihle, ya tlang ho hlahisetsa leseding tse patilweng tsa lefifi, le ho senola merero ya dipelo; mme ke moo Modimo o tla nea motho ka mong poko e mo loketseng.
Empa motho ka mong a tsamaye kamoo Morena a mo abetseng kateng, le kamoo Modimo o mmitsitseng kateng. Ke laela dikereke tsohle jwalo.
Ana ha ke a lokoloha na? Ha ke moapostola na? Ha ke a ka ka bona Morena wa rona Jesu Kreste na? Ha le mosebetsi wa ka Moreneng na?
Hobane, banabeso, le bile baetsisi ba dikereke tsa Modimo tsa Judea, tse leng ho Jesu Kreste; hobane efela le lona le utlwisitswe ke ba setjhaba sa heno bohloko bo le bong le boo di bo utlwisitsweng ke Bajuda;