1 Bakorinthe 10:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bonang Baiseraele, bao e leng bona ka nama: ana ba jang mahlabelo ha ba jele aletareng na? BIBELE Bonang Baiseraele ba tswalo! Na ba jang nama ya mahlabelo, ha ba be le kabelo tshebeletsong e etswang aletareng? Baasraak Sotho NT Bonang Iseraele ka nama: na ba jang mahlabelo ha ba na kabelo aletareng na? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Bonang Iseraele ka nama: na ba jang mahlabelo ha ba na kabelo aletareng na? |
Ba batona bohle hara baprista ba tla se ja; se tla jelwa nqalong e halalelang: se halalela haholo.
Kamoo sehlabelo sa sebe se leng kateng, le sehlabelo sa molato se jwalo feela; molao o mong feela ho se seng le se seng sa tsona; sehlabelo e tla ba sa moprista ya tlang ho etsa pheko.
ha o lekanya Mora wa wona, Jesu Kreste, Morena wa rona, ya tswileng lelokong la Davida ka nama;
e be ntate le wa ba lebollo, ke ho re, wa bao e seng ba lebollo feela ba mpang ba tsamaya le ka mehlala ya tumelo eo ntata rona Abrahama a bileng le yona, ha a eso ho bolle.
Na ha le tsebe hobane ba sebetsang tse halalelang ba jela ho tsa tempele? Le ba sebetsang aletareng ha ba jele aletareng na?
Mme haele bohle ba tlang ho ya ka molao oo, kgotso le mohau di be ho bona, le ho Iseraele wa Modimo.
O ke ke wa ja menyakong ya metse ya hao karolo ya leshome ya koro ya hao, le ya veine ya hao e ntjha, le ya ole ya hao, le matsibolo a dikgomo tsa hao, le a dinku tsa hao, leha e le mahlabelo a dikano tsa hao, tseo o itlamang ka tsona, le dinyehelo tsa hao tsa boithatelo, le tse ntshwang ke matsoho a hao;