Jwale, a laela hore ba kolobetswe ka lebitso la Morena. Yaba ba mo rapela, ba re, a ke a hlole le bona matsatsi a mang.
1 Bakorinthe 1:14 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke leboha Modimo kahobane ke sa ka ka kolobetsa motho ho lona, haese Krispuse le Gaiuse; BIBELE Ke leboha Modimo ha e le mona ke sa kolobetsa le ya mong wa lona, haese Kerisepose le Gaiose. Baasraak Sotho NT Ke leboha Modimo ha ke sa ka ka kolobetsa le a mong wa lona, haese Krispo le Gaiase; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke leboha Modimo ha ke sa ka ka kolobetsa le a mong wa lona, haese Krispo le Gaiase; |
Jwale, a laela hore ba kolobetswe ka lebitso la Morena. Yaba ba mo rapela, ba re, a ke a hlole le bona matsatsi a mang.
Empa Krispo, mmusi wa sinagoge, le ba ntlo ya hae kaofela ba dumela ho Morena; le Bakorinthe ba bangata, ha ba utlwa Pauluse, ba dumela le bona, mme ba kolobetswa.
Gaiuse, moamohedi wa ka le wa kereke yohle, o a le dumedisa. Eraste, molotolotsi wa motse, o a le dumedisa, le Kwartuse, ngwanabo rona.
Ke leboha Modimo wa ka kamehla bakeng sa lona, ha ke hopola mohau wa Modimo, oo le o neilweng ho Jesu Kreste.
Ho roriswe Modimo o re neang ho hlola kamehla ka Kreste, o hasetsang hohle ka rona monkgo wa tsebo ya wona!
Le lebohe kamehla Modimo, Ntata rona, ka baka la ntho tsohle, ka lebitso la Jesu Kreste, Morena wa rona.
Mme kgotso ya Modimo, eo le e biletswang ho ba mmele o le mong, e buse pelong tsa lona; hape le be le teboho.
Mme seo le se etsang, leha e ka ba eng le eng, ka ho bua, kapa ka ho sebetsa, le etse tsohle ka lebitso la Morena Jesu, le ntse le leboha ka yena Modimo Ntate.
Ke boka Morena wa rona Jesu Kreste, ya ntiisitseng, kahobane o lekantse hoba ke tshepehile, ha a mpea mohlanka wa hae: