Eyang ke hona, le rute ditjhaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang;
1 Bakorinthe 1:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) Na Kreste o kgaohane na? Kapa Pauluse o thakgiseditswe lona na? Kapa a le kolobeditswe ka lebitso la Pauluse na? BIBELE Na Kreste o arotswe dikoto na? Na Paulosi o thakgiseditswe lona na? Kapa le kolobeditswe ka lebitso la Paulosi na? Baasraak Sotho NT Na Kreste o arohane? A Paulo o ne a bapolelwa lona? kapa le kolobeditswe ka lebitso la Pauluse na? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Na Kreste o arohane? A Paulo o ne a bapolelwa lona? kapa le kolobeditswe ka lebitso la Pauluse na? |
Eyang ke hona, le rute ditjhaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang;
Jwale, a laela hore ba kolobetswe ka lebitso la Morena. Yaba ba mo rapela, ba re, a ke a hlole le bona matsatsi a mang.
Petrose a re ho bona: Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobeletswe ka lebitso la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe, mme le tla nka neo ya Moya o Halalelang.
Hobane o ne o eso ho theohele le ho ya mong ho bona; empa ba ne ba sa kolobeditswe feela ka lebitso la Morena Jesu.
Hobane ha Kreste a shwele, a ba a tsoha, a boela a phela, ke ho re, e be yena ya busang bafu le ba phelang.
Hobane e mong ha a ka tla, a le bolella Jesu osele, e seng eo re le boleletseng yena, leha le ka amohela Moya osele, e seng oo le o amohetseng, leha e le Evangeli esele, e seng eo le e nkileng taba eo le ka e mamella hantle.
e seng hore e nngwe e teng, empa batho ba teng ba le ferekanyang, mme ba rata ho sokanya Evangeli ya Kreste.
ya iteletseng rona, a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a re hlatswe, a tle a iketsetse ka rona setjhaba seo e leng sa hae ka sebele, se tjhesehelang mesebetsi e metle.