O se ke wa re isa molekong, o mpe o re lopolle ho e mobe: Hobane mmuso ke wa hao, le matla, le kganya ka ho sa feleng. Amen.
Yuda 1:25 - Baasraak Sotho NT Ho Modimo ya bohlale feela, Mopholosi wa rona, e be kganya, le boholo, le borena, le matla, jwale le kamehla yohle. Amen. Sesotho 1909/1961 (SO) ho Modimo o nnotshi, Mmoloki wa rona, e be kganya, le boholo, le matla, le borena, ka Morena wa rona Jesu Kreste, jwale le kamehleng le mehla! Amen! BIBELE ho Modimo ya inotshi, Mopholosi wa rona ka Jesu Kreste, Morena wa rona, e be tlotla, le boholo, le matla, le borena, tseo a bileng le tsona pele ho dinako, le jwale, le kamehla yohle. A ho be jwalo! Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho Modimo ya bohlale feela, Mopholosi wa rona, e be kganya, le boholo, le borena, le matla, jwale le kamehla yohle. Amen. |
O se ke wa re isa molekong, o mpe o re lopolle ho e mobe: Hobane mmuso ke wa hao, le matla, le kganya ka ho sa feleng. Amen.
Lona le rapela seo le sa se tsebeng; rona re tseba seo re se rapelang, hobane poloko e tswa ho Bajuda.
Le ka dumela jwang, lona ba tlotlisang, mme le sa batle thoriso e tswang ho Modimo feela?
A botebo ba monono, le ba bohlale, le ba tsebo ea Molimo! likahlolo tsa hae ke tse ke keng tsa batlisisoa hakaakang, ’me litsela tsa hae ke tse ke keng tsa batlisisoa!
Hobane dintho tsohle di tswa ho yena, mme di teng ka yena, di ya ho yena; ho yena e be kganya ka ho sa feleng. Amen.
Ho Modimo, ya bohlale, a nnotshi, e be kganya ka Jesu Kreste ka ho sa feleng. Amen. (E ngoletsoe Baroma ho tsoa Korinthe, ’me e rometsoe ke Febe mohlanka oa kereke e Senkrea.)
e le hore jwale, ho mebuso le mebuso e sebakeng sa lehodimo e tle e tsebe bohlale ba Modimo bo mefuta-futa,
Ho yena ho ke ho be le kganya ka kerekeng ka Kreste Jesu ho isa melokong yohle, ka ho sa feleng! Amen.
Joale ho Morena oa bosafeleng, ea sa shoeng, ea sa bonahaleng, Molimo a le mong feela, e be tlhompho le khanya ka ho sa feleng le kamehla. Amen.
e seng ka bonyatsi, a mpe a bontshe botshepehi bo botle bohle; ba tle ba kgabise thuto ya Modimo, Mopholosi wa rona, nthong tsohle.
re ntse re lebeletse tshepo e lehlohonolo, le ponahatso ya kganya ya Modimo o moholo, le Mopholosi wa rona Jesu Kreste;
Empa ka mor’a moo ho ile ha bonahala mosa le lerato la Molimo Mopholosi oa rōna ho batho.
E mong ha a bua, a bue jwalokaha e le dipolelo tsa Modimo; ekare ha motho a sebeletsa, a e sebeletse ka matla ao Modimo a fanang ka wona, hore Modimo o tle o tlotliswe nthong tsohle ka Jesu Kreste, eo poko le matla a hae e leng tsa kamehla le mehla. Amen.
Simone Petrose, mohlanka le moapostola wa Jesu Kreste, ke ngolla ba amohetseng tumelo ya bohlokwa, e tshwanang le ya rona ka ho loka ha Modimo le Mopholosi wa rona Jesu Kreste:
Empa le hole mohaung le tsebong ya Morena wa rona le Mopholosi Jesu Kreste. Ho eena e be khanya joale le ka ho sa feleng. Amen.
O re entse marena le baprista ba ho Modimo Ntata wona; ho eena e be khanya le matla ka ho sa feleng le kamehla. Amen.