Haeba ka mokgwa ofe kapa ofe nka phephetsa ba nama ya ka, mme ka pholosa ba bang ba bona.
Yuda 1:23 - Baasraak Sotho NT Ba bang le ba pholose ka tshabo, le ba tlose mollong; ba hloile le seaparo se silafetseng ke nama. Sesotho 1909/1961 (SO) mme le pholose ba bang ka ho ba tshosa, le ba tlose mollong, mme le ile le kobo e nang le ditshila tsa nama. BIBELE le ba pholose ka ho ba tshola mollong. Ba bang bona le ba hauhele, empa le ntse le ena le tshabo; le hloye esita le seaparo se silafaditsweng ke bona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba bang le ba pholose ka tshabo, le ba tlose mollong; ba hloile le seaparo se silafetseng ke nama. |
Haeba ka mokgwa ofe kapa ofe nka phephetsa ba nama ya ka, mme ka pholosa ba bang ba bona.
Ekare ha mosebetsi wa motho o tjha, o tla senyeheloa, empa yena ka sebele o tla bolokeha; leha ho le joalo joalo ka ka mollo.
Ka baka leo, ka ho tseba ho tshoha Jehova, re leka batho; empa re bonahatswa ho Modimo; mme ke tshepile hore le matswalong a lona re bonahaditswe.
Ekare ha e mong a sa utlwe lentswe la rona le lengolong lena, le mo hlokomele, mme le se ke la ikopanya le yena, a tle a hlajwe ke dihlong.
Itobele wena, o hlokomele le thuto; dula ho tsona, hobane ka ho etsa hoo, o tla ipholosa, o boloke le ba o utlwang.
Ke o eletsa hore o ithekele ho nna kgauta e hlwekisitsweng mollong, o tle o rue; le diaparo tse tshweu, o tle o apare, dihlong tsa bofeela ba hao di se ke tsa bonahala; mme o tlotse mahlo a hao ka moriana wa mahlo, hore o tle o bone.
O na le mabitso a seng makae le Sarda ba sa kang ba silafatsa diaparo tsa bona; mme ba tla tsamaya le nna ba apere bosweu, hobane ba tshwaneleha.