Eitse hobane Jesu a kolobetsoe, a phakisa a tswa ka metsing, mme bonang, mahodimo a phetlwa ho yena, mme a bona Moya wa Modimo o theoha jwaloka leeba, o theohela hodima hae.
Tshenolo 4:1 - Baasraak Sotho NT Kamora tseo, ka tadima, mme ka bona monyako o butswe lehodimong, mme lentswe la pele leo ke ileng ka le utlwa le ne le bua le nna, le kang la terompeta; a re: Nyolohela kwano, mme ke tla o bontsha tse tlang ho etsahala kamora tsena. Sesotho 1909/1961 (SO) Kamora tseo, ka tadima, mme ka bona monyako o butswe lehodimong, mme lentswe la pele, leo ke neng ke le utlwile le bua le nna, le kang la terompeta, la re: Nyolohela kwano, mme ke tla o bontsha tse tlang ho hlaha kamora tseo. BIBELE Kamorao ho tsena ka tadima, mme ka bona monyako o butsweng lehodimong. Lentswe lane la pele, le neng le bua le nna, le ka modumo wa terompeta, ka utlwa le re: “Nyolohela kwano, mme ke tla o bontsha tse tshwanetseng ho etsahala kamorao ho tsena.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Kamora tseo, ka tadima, mme ka bona monyako o butswe lehodimong, mme lentswe la pele leo ke ileng ka le utlwa le ne le bua le nna, le kang la terompeta; a re: Nyolohela kwano, mme ke tla o bontsha tse tlang ho etsahala kamora tsena. |
Eitse hobane Jesu a kolobetsoe, a phakisa a tswa ka metsing, mme bonang, mahodimo a phetlwa ho yena, mme a bona Moya wa Modimo o theoha jwaloka leeba, o theohela hodima hae.
Yare ha a phakisa a nyoloha metsing, a bona mahodimo a bulehile, le Moya o kang leeba o theohela hodima hae.
Yare ha batho bohle ba kolobetswa, ha etsahala hore Jesu le yena a kolobetswe, mme a rapela, lehodimo la buleha.
Empa etlare hobane Moya wa nnete o fihle, o tla le tataisetsa nneteng yohle; empa tsohle tseo a di utlwang, o tla di bua, mme o tla le tsebisa tse tlang ho tla.
A bona lehodimo le buleha, mme sejana se seng se theohela ho yena, e ka lesela le leholo, le lohilweng dintlheng tse nne, mme le theolelwa lefatsheng.
A re: Bonang, ke bona mahodimo a phetlilwe, le Mora motho a eme ka letsohong le letona la Modimo.
Ka ba moyeng ka letsatsi la Morena, mme ka utlwa ka mora ka lentswe le leholo, le kang la terompeta.
Yaba ke reteleha ho bona lentswe le buang le nna. Yare ha ke reteleha, ka bona dikandelare tse supileng tsa kgauta;
Ba utlwa lentswe le leholo le tswang lehodimong, le re ho bona: Nyolohelang kwano. Mme ba nyolohela lehodimong ka leru; mme dira tsa bone di ne di ba bona.
Mme Tempele ya Modimo ya bulwa lehodimong, mme ha bonwa areka ya selekane sa wona ka tempeleng ya wona, mme ha eba le mahadima, le mantswe, le diaduma, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se seholo.
Lengeloi la bosupa la tshollela nkgo ya lona moyeng; mme lentswe le leholo la tswa tempeleng ya lehodimo, teroneng, le re: Ho etsahetse!
Ka bona lehodimo le bulehile, mme ka bona pere e tshweu; mme ya e kaletseng o ne a bitswa Motshepehi le Wa nnete, mme o ahlola ka ho loka, mme a loane.