Fadimehang ke hona, hobane ha le tsebe letsatsi kapa hora eo Mora motho a tla tla ka yona.
Tshenolo 3:3 - Baasraak Sotho NT Hopola hle kamoo o amohetseng kateng, le kamoo o utlwileng kateng, o se boloke, mme o bake. Ka baka leo, ha o sa fadimehe, ke tla tla ho wena jwaloka leshodu, mme ha o ka ke wa tseba nako eo ke tlang ho tla ho wena ka yona. Sesotho 1909/1961 (SO) Hopola hle kamoo o filweng kateng, le kamoo o utlwileng kateng, o se boloke, mme o bake; hobane ha o sa lebele, ke tla tla ho wena ka mokgwa wa leshodu, mme o ke ke wa tseba nako eo ke tla tla ho wena ka yona. BIBELE Hopola he, kamoo o ileng wa amohela seo o se utlwileng kateng; se boloke, mme o bake. Haeba o sa fadimehe, ke tla tla ho wena jwaloka leshodu, mme ha o ka ke wa tseba nako eo ke tla tla ho wena ka yona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hopola hle kamoo o amohetseng kateng, le kamoo o utlwileng kateng, o se boloke, mme o bake. Ka baka leo, ha o sa fadimehe, ke tla tla ho wena jwaloka leshodu, mme ha o ka ke wa tseba nako eo ke tlang ho tla ho wena ka yona. |
Fadimehang ke hona, hobane ha le tsebe letsatsi kapa hora eo Mora motho a tla tla ka yona.
Hobane le lona le tseba hantle hore letsatsi la Morena le tla tla jwaloka leshodu la bosiu.
Timothea, boloka seo o se beilweng, o furalle dipuo tsa lefeela, tse hlomphollang, le dikganyetsano tse bitswang saense, ka bohata.
Tshwara ka mokgwa wa dipolelo tse phelang, tseo o di utlwileng ho nna, ka tumelo le leratong le ho Kreste Jesu.
Ka baka leo, e ka kgona re ele ditaba tseo re di utlwileng hloko haholo, esere ra ba ra thella.
Baratuwa, lengolo lena la bobedi, ke le ngolla lona; tseo ke tsosang dikelello tse hlwekileng tsa lona ka tsona tse pedi ka ho le hopotsa.
Empa letsatsi la Morena le tla tla jwaloka leshodu la bosiu; ka lona mahodimo a tla feta ka lerata le leholo, mme metheo e tla qhibidiha ke mocheso o tjhesang, mme lefatshe le mesebetsi e ho lona e tla tjha.
Bona, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya lebelang, ya bolokang diaparo tsa hae, esere a tsamaya a le feela, mme ba bona dihlong tsa hae.
Hopola moo o weleng, mme o bake, mme o etse mesebetsi ya pele; ho seng jwalo, ke tla tla ho wena, ke tlose kandelare ya hao tulong ya yona, ha o sa bake.
Bona, ke tla kapele: tshwara seo o nang le sona, hore ho se be motho ya nkang moqhaka wa hao.
Fadimeha, mme o tiise tse setseng, tse seng di tla shwa; hobane ha ke eso fihlele mesebetsi ya hao e phethehile pela Modimo.