Ba qobella mofeti e mong, Simone wa Cyrene, a etswa naheng, ntata Aleksandere le Rufase, hore a mo jare.
Tshenolo 2:3 - Baasraak Sotho NT O mameletse, mme o na le mamello, mme ka baka la lebitso la ka o sebeditse ka thata, mme ha o a ka wa kgathala. Sesotho 1909/1961 (SO) hape, o na le sebete; o mameletse bothata ka baka la lebitso la ka, mme ha o a ka wa kgathala. BIBELE O tiiseditse, wa mamella matshwenyeho ka baka la lebitso la ka, wa se ke wa kgathala. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 O mameletse, mme o na le mamello, mme ka baka la lebitso la ka o sebeditse ka thata, mme ha o a ka wa kgathala. |
Ba qobella mofeti e mong, Simone wa Cyrene, a etswa naheng, ntata Aleksandere le Rufase, hore a mo jare.
Le fa e le mang yo o sa sikareng sefapaano sa gagwe, a ntshala morago, ga a ka ke a nna morutwa wa me.
A ba bolella le setshwantsho sa hore batho ba lokela ho rapela kamehla, mme ba se ke ba kgathala;
Simone a araba, a re ho yena: Rabbi, re sebeditse ka thata bosiu kaofela, mme ha re a ka ra tshwara letho;
Empa e mobung o motle, ke ba utlwileng lentswe ka pelo e ntle le e molemo, ba le boloka, mme ba beha ditholwana ka mamello.
Empa ntho tseo tsohle ba tla le etsa tsona ka baka la lebitso la ka, kahobane ha ba tsebe ya nthomileng.
Ntumedisetseng Trifena le Trifosa, ba sebetsang ka thata Moreneng. Ntumedisetseng Persise, moratuwa, ya kgathetseng haholo Moreneng.
Le jara lintho tsohle, le lumela lintho tsohle, le tšepa lintho tsohle, le mamella lintho tsohle.
hore le ikokobeletse ba jwalo, le ho e mong le e mong ya sebetsang le rona, ya sebetsang ka thata.
Re se ke ra ithorisa ho feta tekanyo ya rona, e leng mesebetsi ya ba bang; empa re na le tshepo ya hore, mohla tumelo ya lona e ntseng e hola, re tla hodiswa haholo ke lona, ho ya ka tekanyo ya rona;
Na ke basebeletsi ba Kreste? (Ke bua jwaloka sethoto) ke fetisa ka boholo; ka ditapisetso tse ngata ho fetisa, ka lichapo tse fetisisang, lichankaneng hangata, le lefung hangata.
Ka baka leo ha re tepelle; empa leha motho wa rona wa kantle a senyeha, motho ya ka hare o ntse a ntjhafatswa letsatsi le letsatsi.
Ka baka leo, re sebetsa ka thata hore, leha re le teng, leha re le sieo, re tle re amohelehe ho yena.
Le tiisitse lentswe la bophelo; e le hore ke tle ke ithorise ka letsatsi la Kreste, hore ha ke a ka ka mathela lefeela, leha e le ho sebeletsa lefeela.
Le wena, molekane wa sebele jokong, ke a o rapela, o thuse basadi bao ba ntlafaditseng Evangeling, hammoho le Klemense, le basebetsi mmoho le nna, bao mabitso a bona a ngotsweng bukeng ya bophelo.
le matlafaditswe ka matla wohle, ho ya ka matla a kganya ya wona, le tle le be le tiisetso yohle le mamello ka thabo;
Ke sa phetse ho hopola mesebetsi ya lona ya tumelo, le mosebetsi wa lerato, le mamello ya lona ya tshepo ho Morena wa rona Jesu Kreste, mahlong a Modimo Ntata rona.
Re a le rapela, banabeso, hore le tsebe ba sebetsang ka thata hara lona, ba le okametseng Moreneng, ba le eletsang;
Le gone ga re a ka ra ja senkgwe sa ope fela; re mpa re sebetsa ka matsapa le ka matsapa bosiu le motsheare, re tle re se ke ra imetsa leha e le ofe wa lona.
Hobane ke ka baka leo re sebetsang ka thata, mme re a hloriswa, hobane re tshepile Modimo o phelang, o leng Mopholosi wa batho bohle, haholo wa ba dumelang.
Baholo ba busang hantle a ba balwe ba lokelwa ke hlompho e menahaneng habedi, haholo ba sebetsang ka thata lentsweng le thutong.
Hobane le hloka mamello, e le hore, ha le se le entse thato ya Modimo, le tle le amohele pallo.
Ka baka leo, erekaha le rona re teetswe hare ke leru le leholo hakalo la dipaki, a re lahleng boima bo bong le bo bong le sebe se re tshwasang ha bonolo, mme a re matheng ka mamello peisong eo re e beetsweng.
Gobane Modimo ga se yo a sa lokago ge a ka lebala modiro wa lena le lerato leo le le bontšhitšego leineng la gagwe, ka ge le hlanketše bakgethwa, le sa ba direla.
hore le se ke la ba botsoa, le mpe le be baetsisi ba bao ka tumelo le ka mamello ba ruang litšepiso.
Nna Johanne, ke leng ngwanabo lona, ya abetsweng le lona matshwenyeho, le mmuso le mamello ya Jesu Kreste, ke ne ke le sehlekehlekeng se bitswang Patmose, ka baka la Lentswe la Modimo, le ka baka la bopaki ba Jesu Kreste.
Kahobane o bolokile lentswe la mamello ya ka, le nna ke tla o boloka nakong ya moleko, o tlang ho tlela lefatshe lohle, ho leka ba ahileng lefatsheng.