O se ke wa re isa molekong, o mpe o re lopolle ho e mobe: Hobane mmuso ke wa hao, le matla, le kganya ka ho sa feleng. Amen.
Tshenolo 1:6 - Baasraak Sotho NT O re entse marena le baprista ba ho Modimo Ntata wona; ho eena e be khanya le matla ka ho sa feleng le kamehla. Amen. Sesotho 1909/1961 (SO) Ho ya re ratileng, ya re hlatswitseng dibe tsa rona mading a hae, a ba a re bea marena le baprista ho Modimo, Ntatae, ho iswe kganya le matla kamehla le mehla! Amen! BIBELE ya re entseng mmuso le baprista ba sebeletsang Modimo Ntatae, e be tlotla le matla, kamehla le mehla. A ho be jwalo! Contemporary Southern Sotho Bible 2024 O re entse marena le baprista ba ho Modimo Ntata wona; ho eena e be khanya le matla ka ho sa feleng le kamehla. Amen. |
O se ke wa re isa molekong, o mpe o re lopolle ho e mobe: Hobane mmuso ke wa hao, le matla, le kganya ka ho sa feleng. Amen.
hore bohle ba hlomphe Mora, jwalokaha ba hlompha Ntate. Ya sa hlompheng Mora ha a hlomphe Ntate ya mo romileng.
Hobane dintho tsohle di tswa ho yena, mme di teng ka yena, di ya ho yena; ho yena e be kganya ka ho sa feleng. Amen.
Le tle le tlotlise Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, ka pelo e le nngwe feela, le molomo o le mong.
Ke yena a nnotshi ya nang le ho se shwe, ya ahileng leseding le sa atameleheng; eo ho seng motho ya kileng a mmona, leha e le ya ka kgonang ho mmona: ho yena e be tlhompho le matla a sa feleng. Amen.
a le etse ba phethehileng mesebetsing yohle e molemo, le tle le etse thato ya hae, a ntse a etsa ka ho lona se kgahlisang mahlong a wona, ka Jesu Kreste; ho yena e be kganya ka ho sa feleng! Amen.
E mong ha a bua, a bue jwalokaha e le dipolelo tsa Modimo; ekare ha motho a sebeletsa, a e sebeletse ka matla ao Modimo a fanang ka wona, hore Modimo o tle o tlotliswe nthong tsohle ka Jesu Kreste, eo poko le matla a hae e leng tsa kamehla le mehla. Amen.
Empa le hole mohaung le tsebong ya Morena wa rona le Mopholosi Jesu Kreste. Ho eena e be khanya joale le ka ho sa feleng. Amen.
Ho Modimo ya bohlale feela, Mopholosi wa rona, e be kganya, le boholo, le borena, le matla, jwale le kamehla yohle. Amen.
Nna Johanne, ke leng ngwanabo lona, ya abetsweng le lona matshwenyeho, le mmuso le mamello ya Jesu Kreste, ke ne ke le sehlekehlekeng se bitswang Patmose, ka baka la Lentswe la Modimo, le ka baka la bopaki ba Jesu Kreste.
Ho lehlohonolo, ho halalela ba nang le kabelo tsohong ya pele; lefu la bobedi ha le na matla hodima ba jwalo, empa e tla ba baprista ba Modimo le ba Kreste, mme ba tla busa le yena ka dilemo tse sekete.