Tite 1:5 - Baasraak Sotho NT Ke ka baka leo ke o siileng Kreta, hore o tle o lokise ditaba tse neng di le siyo, mme o beele baholo metseng yohle, jwalokaha ke o laetse. Sesotho 1909/1961 (SO) Taba eo ke o siileng Kreta ba baka la yona, ke hore o qetelle ho lokisa tse esong ho lokiswe, mme o bee baholo metseng yohle, jwalokaha nkile ka o laela; BIBELE Ke o siile Kerete ho qetela ho hlophisa tse saletseng, le ho bea baholo motseng o mong le o mong, ho ya kamoo ke o laetseng kateng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke ka baka leo ke o siileng Kreta, hore o tle o lokise ditaba tse neng di le siyo, mme o beele baholo metseng yohle, jwalokaha ke o laetse. |
Eitse hobane ba ba beele baholo phuthehong e nngwe le e nngwe, ba rapele ka ho itima dijo, ba ba bea ho Morena, eo ba dumetseng ho yena.
E re ka boemakepe jwa lewatle bo ne bo sa tshwanela go nna mo go jone mariga, ba le bantsi ba ne ba eletsa gore le gone ba tswe teng, e le gore go ka direga gore ba fitlhe kwa Fenike, ba ye go nna gone mariga. e leng kou ya Kreta, e lebileng borwa bophirimela, le leboya bophirimela.
Eitse hobane moya wa borwa o foke butle, ba lekanya hore ba fihletse morero wa bona, ba tloha teng, ba tsamaya haufi le Kreta.
Eitse hobane ba se ke ba ja nako e telele, Pauluse a ema hara bona, a re: “Banna, le ka be le ile la nkutlwa, la se ke la tloha Kreta, la fumana kotsi le tahleho ena.
Eitse hobane re tsamaile butle ka matsatsi a mangata, ra fihla ka bothata mabapa le Kinidase, hobane moya o ne o sa re dume, ra tsamaya tlasa Kreta, mabapa le Salmone.
Ekare ha motho a lapile, a je hae; hore le se ke la phuthehela kahlolong. Mme tse ding ke tla di lokisa mohla ke tlang.
Ke ka baka leo ke le rometseng Timothea, e leng mora wa ka ya ratwang, ya tshepahalang Moreneng, ya tla le hopotsa metsamao ya ka e ho Kreste, jwalokaha ke ruta hohle diphuthehong tsohle.
Hobane leha ke le siyo ka nama, ka moya ke na le lona, ke ntse ke thaba, ke bona tlhophiso ya lona, le ho tiya ha tumelo ya lona ho Kreste.
Jwalokaha ke ile ka o kopa hore o sale Efese, ha ke ya Masedonia, o tle o laele ba bang hore ba se ke ba ruta thuto esele.
Tseo o di utlwileng ho nna hara dipaki tse ngata, o di bee matsohong a batho ba tshepehang, ba tlang ho tseba ho ruta ba bang.
E mong wa bona, e leng moporofeta wa habo bona, o itse: Bakreta ke ba leshano kamehla, ke dibatana tse kgopo, ke dimpa tse bonya.