Yare ha a qala ho bala, ha tliswa ho yena e mong ya nang le molato wa ditalenta tse dikete tse leshome.
Mattheu 25:24 - Baasraak Sotho NT Jwale ya amohetseng talenta e le nngwe a tla, a re: “Morena, ke o tsebile hore o motho ya thata, ya kotulang moo o sa kang wa jala teng, mme o bokella moo o sa kang wa jalla teng. Sesotho 1909/1961 (SO) Ya neilweng talenta e le nngwe le yena a tla, a re: Morena, ke o tsebile hobane o motho ya thata, ya kotulang moo o sa kang wa jala teng, mme o bokella moo o sa kang wa hasa peo teng. BIBELE “Empa ya amohetseng talenta e le nngwe le yena a atamela, a re: ‘Monghadi, ke ile ka o tseba o le motho ya thata, ya kotulang moo a sa kang a jala, ya bokellang moo a sa kang a olosa; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwale ya amohetseng talenta e le nngwe a tla, a re: “Morena, ke o tsebile hore o motho ya thata, ya kotulang moo o sa kang wa jala teng, mme o bokella moo o sa kang wa jalla teng. |
Yare ha a qala ho bala, ha tliswa ho yena e mong ya nang le molato wa ditalenta tse dikete tse leshome.
ba re: Bana ba morao ba sebeditse hora e le nngwe feela, mme o ba lekantse le rona ba jereng boima le mocheso wa letsatsi.
Mong wa hae a araba, a re ho yena: Mohlanka ya kgopo, ya botswa, o tsebile hobane ke kotula moo ke sa kang ka jala, mme ke bokella moo ke sa kang ka jala.
Ha se bohle ba reng ho nna: Morena, Morena, ya tla kena mmusong wa mahodimo; empa ke ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong.
Mme a araba ntatae, a re: Bona, ke o sebeleditse ka dilemo tse ngata, mme ha ke eso ka ke tlola taelo ya hao le ka mohla o le mong;
A bitsa bahlanka ba hae ba leshome, a ba nea diponto tse leshome, a re ho bona: Le nne le e etse ka tsona, ke be ke tle.
Empa, wena motho, o mang ha o ka fetola Modimo? Na ntho e bopilweng e ka re ho mmopi wa yona: O nketseditseng hakalo?