Hobane ke yena eo ho ngodilweng tsa hae, ha thwe: Bona, ke roma lenqosa la ka ka pele ho sefahleho sa hao, le tla o lokisa tsela pela hao.
Mareka 1:2 - Baasraak Sotho NT Jwalokaha ho ngodilwe bukeng ya baporofeta, ho thwe: Bona, ke roma lenqosa la ka pela sefahleho sa hao, le tla o lokisetsa tsela. Sesotho 1909/1961 (SO) Jwalokaha ho ngodilwe ke moporofeta Esaia, ho thwe: Bona, ke roma lenqosa la ka pela sefahleho sa hao, le tla o etella pele ho o lokisetsa tsela; BIBELE Ho ngotswe bukeng ya moporofeta Esaya, ho thwe: “Ke romela leqosa la ka ke leo, le tla o etella pele, le o lokisetse tsela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwalokaha ho ngodilwe bukeng ya baporofeta, ho thwe: Bona, ke roma lenqosa la ka pela sefahleho sa hao, le tla o lokisetsa tsela. |
Hobane ke yena eo ho ngodilweng tsa hae, ha thwe: Bona, ke roma lenqosa la ka ka pele ho sefahleho sa hao, le tla o lokisa tsela pela hao.
Ba re ho yena: Ke Bethlehema wa Judea; hobane ho ngodilwe jwalo ke moporofeta, ha thwe:
Mora Motho o ikela jwalokaha ho ngodilwe hodima hae; empa ho madimabe motho eo Mora motho a ekwang ke yena! Ho ka be ho bile molemo ho motho eo hoja a sa ka a tswalwa.
Yaba Jesu o re ho bona: Lona bohle le tla kgoptjwa ka baka la ka bosiung bona, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ke tla otla modisa, mme dinku tsa mohlape di tla qhalana.
Jwalokaha a buile ka melomo ya baporofeta ba hae ba halalelang, haesale ho tloha mehleng ya boholoholo.
Yaba o nka ba leshome le metso e mmedi, a re ho bona: Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme tsohle tse ngodilweng ke baporofeta malebana le Mora motho di tla phethahala.