Mareka 1:1 - Baasraak Sotho NT Tshimoloho ya Evangeli ya Jesu Kreste, Mora wa Modimo; Sesotho 1909/1961 (SO) Tshimoloho ya Evangeli ya Jesu Kreste, Mora wa Modimo. BIBELE Qaleho ya molaetsa o molemo wa Jesu Kreste, Mora wa Modimo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Tshimoloho ya Evangeli ya Jesu Kreste, Mora wa Modimo; |
A re a sa bua, bonang, leru le kganyang la ba kgurumetsa, mme ha utlwahala lentswe le tswang lerung, la re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; mo utlweng.
Jwale lentswe le tswang lehodimong, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.
Mme moleki a tla ho yena, a re: Ha o le Mora wa Modimo, laela majwe ana hore e be bohobe.
Lengeloi la araba, la re ho yena: Moya o Halalelang o tla theohela hodima hao, mme matla a Ya hodimodimo a tla o kwahela;
Lentswe le ne le etswe nama, la aha hara rona, mme ra bona kganya ya lona, kganya e kang ya Mora a nnotshi ya tswang ho Ntate, a tletse mohau le nnete.
Empa tsena di ngotswe hore le tle le dumele hore Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo; le hore ka ho dumela le be le bophelo ka lebitso la hae.
Hobane Modimo o ratile lefatshe hakalo, o bile wa le nea Mora wa wona ya tswetsweng a nnotshi, hore e mong le e mong ya dumelang ho yena a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.
Ho qala ka kolobetso ya Johanne, ho isa letsatsing leo a nyolotsweng ho rona ka lona, e ka kgona e mong a bewe ho ba paki ya tsoho ya hae le rona.
Eitse ha Johanne a eso ho tle, a bolelle setjhaba sa Iseraele kaofela kolobetso ya pako.
Hobane seo molao o neng o sitwa ho se etsa, kahobane o ne o fokola ka nama, Modimo o ahlotse sebe nameng ka ho roma Mora wa wona ka sebopeho sa nama ya boetsadibe;
Yena ya sa kang a qenehela Mora wa hae, wa mpa a mo nehelana ka yena bakeng sa rona bohle, na a ke ke a re nea dintho tsohle jwang le yena?