Ke tla o nea dinotlolo tsa mmuso wa mahodimo, mme seo o tla se tlama lefatsheng, se tla tlangwa lehodimong;
Luka 9:1 - Baasraak Sotho NT Yaba o bokella barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a ba nea matla le borena hodima batemona bohle, le ho fodisa malwetse. Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a bokella barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a ba fa matla le borena ho hlola batemona bohle, le ho fodisa malwetse. BIBELE Jesu a bitsa ba leshome le metso e mmedi, a ba nea matla le taolo hodima bademona bohle le matla a ho fodisa malwetse, Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba o bokella barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a ba nea matla le borena hodima batemona bohle, le ho fodisa malwetse. |
Ke tla o nea dinotlolo tsa mmuso wa mahodimo, mme seo o tla se tlama lefatsheng, se tla tlangwa lehodimong;
Tumo ya hae ya utlwahala naheng yohle ya Siria, mme ha tliswa ho yena bohle ba kulang, ba tshwerweng ke malwetse a mefutafuta, le mahloko, le ba nang le batemona, le ba tshwerweng ke bolwetsi, le ba shweleng ditho; mme a ba fodisa.
Hobane nna, ke motho ya taolong, ke na le bahlabani ba katlasa ka; le ho e mong, Tloo, a tle; le ho mohlanka wa ka, Etsa sena, mme o a se etsa.
Kamora tseo, Morena a bea ba bang ba mashome a supileng, mme a ba roma ka bobedi, hore ba mo etelle pele metseng yohle le nqalong tsohle moo yena a neng a tla ya teng.
Kannetenete ke re ho lona: Ya dumelang ho nna, mesebetsi eo ke e etsang o tla e etsa le yena; mme o tla etsa mesebetsi e meholo ho ena; hobane ke ya ho Ntate.
Empa le tla amohela matla, Moya o Halalelang o tle ho lona, mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le Judea yohle, le Samaria, le ho isa pheletsong ya lefatshe.
Leina la gagwe ka go dumela mo leineng la gagwe le nonotshitse monna yo, yo lo mmonang, lo lo mo itseng;
Ka ho otlolla letsoho la hao ho fodisa; le hore dipontsho le meeka di tle di etswe ka lebitso la Jesu, Mora wa hao ya halalelang.
Petrose a re ho yena: Enea, Jesu Kreste o a o fodisa; tsoha, o alole diphate tsa hao. Mme a tsoha hanghang.