Eitse hobane Jesu a qete ho laela barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a tloha teng ho ya ruta le ho bolela Evangeli metseng ya bona.
Luka 8:1 - Baasraak Sotho NT Kamora tseo, a ya le metse le metsana yohle, a ntse a bolela, a bolela Evangeli ya mmuso wa Modimo; Sesotho 1909/1961 (SO) Kamora tseo, a nna a ya le metse le metsana, a ntse a ruta, a bolela Evangeli ya mmuso wa Modimo; ba leshome le metso e mmedi ba ya le yena. BIBELE Hamorao Jesu a etela motse le motsana ka mong, a ntse a phatlalatsa, a bolela molaetsa o molemo wa Mmuso wa Modimo. Ba leshome le metso e mmedi ba ne ba ena le yena, Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Kamora tseo, a ya le metse le metsana yohle, a ntse a bolela, a bolela Evangeli ya mmuso wa Modimo; |
Eitse hobane Jesu a qete ho laela barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a tloha teng ho ya ruta le ho bolela Evangeli metseng ya bona.
E mong le e mong ha a utlwa lentswe la mmuso, mme a sa le utlwisise, e mobe o a tla, a mo hlokisa se jetsweng pelong ya hae. Enoa ke eena ea jetsoeng pel’a tsela.
Jesu a tsamaya le Galelea yohle, a ntse a ruta masinagogeng a bona, a bolela Evangeli ya mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle hara batho.
Jesu a ya le metse le metsana yohle, a ntse a ruta masinagogeng a bona, a bolela Evangeli ya mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle hara batho.
Ngwana a ntse a hola, a ipha matla moyeng, a dula mahwatateng, ho be ho fihle letsatsi la ho iponahatsa ha hae ho Iseraele.
Ka le leng la matsatsi ao, ha a ntse a ruta batho tempeleng, a bolela Evangeli, baprista ba baholo le bangodi le baholo ba tla ho yena.
Moya wa Morena o hodima ka, hobane o ntlotseditse ho bolella mafutsana Evangeli; o nthomile ho fodisa ba robehileng dipelo, ho bolella ba holehilweng tokoloho, le difofu hore di boele di bone, le ho lokolla ba hateletsweng.
Ka moo Modimo o tlotsitseng Jesu wa Nasaretha ka Moya o Halalelang le ka matla, ya neng a potoloha a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hateletsweng ke Diabolosi; hobane Modimo o ne a ena le yena.
Mme rona re le bolella molaetsa o molemo wa tshepiso e ileng ya etsetswa baholoholo ba rona.
Mme ba tla bolela jwang, ha ba sa rongwe? jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: A matle hakakang maoto a ba bolelang Evangeli ya kgotso, ba tlisang molaetsa o molemo wa tse molemo!